Vinkmag ad

La 25 Loetse 2024

Beke ea 25 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Maele. (30,5-9)

“Se nkabele bofutsana leha e le borui, mp’u mphe bohobe boo ke bo hlokang.”

Polelo tsohle tsa Morena li ipakile: ke thebe ho ba tšabelang ho eena. Se eketse letho lipolelong tsa hae, esere a u tsoa, ‘me ua hlahella u le leshano.

Lintho li peli tseo ke li kopang ho uena, u se ntime tsona ho fihlela ke e-shoa: qhelela bohata le boshano thoko le ‘na; se nkabele bofutsana leha e le borui, mp’u mphe bohobe boo ke bo hlokang, esere, ha ke khotše, ka u koenehela, ka re: “Morena ke mang?” kapa, ha ke hloka, ka utsoa, ‘me ka tlontlolla lebitso la Molimo oa ka.

PESALEMA 118 (29.72.89.101.104.163. R. 105)

MORENA, LENTSOE LA HAO LE BONESETSA MAOTO A KA.

Morena nqobise tsela ea thetso,

u ntšitse ka Molao oa hao.

Molao o tsoang molomong oa hao o molemo ho ‘na

ho feta leruohali la gauda le silvera.

Morena, lentsoe la hao ke la ka mehla eohle,

le tiile maholimong,

Ke qobisa maoto a ka litsela tsohle tse mpe,

hore ke tle ke ele lentsoe la hao hloko.

Litaelo tsa hao li mpha bohlale,

ka hona ke hloile litsela tsohle tsa thetso.

Ke hloile leshano, ke bile kea le nyonya,

athe Molao oa hao oona kea o rata.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9,1-6)

“A ba roma ho phatlalatsa ‘Muso oa Molimo le ho folisa bakuli.”

Ka nako eo, hoba Jesu a bitse baapostola ba leshome le metso e ‘meli, a ba neha matla le borena holim’a bademone bohle, le matla a ho folisa mafu. ‘Me a ba roma ho phatlalatsa ‘Muso oa Molimo le ho folisa bakuli. A re ho bona:

Le se ke la nka letho bakeng la leeto, leha e le lere, khetsi, bohobe kapa chelete, ‘me ho se be le ea mong oa lona ea nkang liaparo tse peli. Tlung efe le efe moo le kenang, lulang teng, ‘me le se ke la tloha ho eona. Ha ho se motho ea le amohelang, ha le e-tsoa motseng oo, le hlohlore esita le lerole le maotong a löna, e tle e be bopaki bo ba qosang.

Eaba b’a tloha, ba ea ka metsana, ba bolela Molaetsa oa Litaba tse molemo, ‘me ba folisa bakuli kahohle.

Vinkmag ad

Read Previous

Super League e’a thakhoha

Read Next

Ba se ba utsoitse M4Millione

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular