Vinkmag ad

Vodacom e ananela bohle

E le ho bonts’a lerato le tsotello ho Basotho Kampani ea Likhokahanyo Lesotho Vodacom, e thakhotse Mohala ka Mokitlane moo e fang Basotho monyetla oa ho reka mehala ea thekeng ha bobebe, ba lefa hanyane ka hanyane, ka la 17 Loetse monongoaha.

Mookameli oa Lithekiso Vodacom Lesotho Palesa Kaloli, o bonts’itse  hore Mohala ka Mokitlane e tsoetsoe ke ho hlokomela hore ho na le Basotho ba ntseng ba tobane le qholotso ea ho reka mehala ka chelete e feletseng, haholo ea sejoale joale. A re ke ka hoo mehala eohle e rekoang ka Mohala ka Mokitlane e leng e sebelisang 4G, hore Basotho ba sebelise marang-rang a potlakang ha bobebe.

A re ntle le hore Basotho ba tla mehala ha bobebe, Mohala ka Mokitlane e tl’o thusa baithuti ho fumana leseli ho marang-rang, bahoebi ba banyenyane ba tla atleha ho bapatsa le ho rekisa lihlahisoa tsa bona ka marang-rang hape Basotho ba tla nolofalloa ho lula ba hokahane le metsoalle le malapa.

Andrew Mbuya ho tsoa ONFON Mobile, e ‘ngoe ea likampani tse sebetsang le Vodacom Lesotho morerong ona, o itse Mohala ka Mokitlane e fa bareki ba likojoana li mahetleng monyetla oa ho imona monoana ka marang-rang. O re ka ho fumana mehala ha bobebe, bareki ba tla imona menoana ka lits’ebeletso tse ngata, joalo ka mesebetsi, ho rekisa lihlahisoa ka marang-rang le lifoto tse ka ba etsetsang chelete.

Mark Collie ho tsoa Airvantage, e ‘ngoe ea likampani tse sebetsang le Vodacom Lesotho morerong ona, o itse kampani ea habo e motlotlo ho sebetsa le Vodacom Lesotho mererong e kang ena, hobane o bula mamati hore sechaba se sebelise marang-rang ho hola le ho holisa moruo.

“Re kene morerong ona hobane re batla ho tlatsetsa boikemisetsong ba Vodacom Lesotho ba ho koala sekheo se teng lipakeng tsa ba sebelisang marang-rang le ba se nang ona ka ho tlala.” A rialo.

O itse morero ona o tlo boela o thusa khulisong ea moruo ka ho matlafatsa likhoebo tse nyenyane ka mekhoa ea ho bapatsa thepa le ho buisana le bareki.

Lebitsong la Mookameli e Moholo oa Vodacom Lesotho Ts’epo Thabisi o hlalositse ha Mohala ka Mokitlane e le e ‘ngoe ea litsela tseo Vodacom Lesotho e tl’o fetola bophelo ba Basotho, hobane ba lumela hore marang-rang a ka  fetola bophelo. A re ka morero ona ba batla ho kenyeletsa Mosotho e mong le e mong tšebelisong ea marang-rang, hore bophelo ba bona bo fetohe.

“Re lomme bebebe boitlamong ba rona ba ho hokela le ho hokahanya Basotho.” Ke Thabisi eo. H’a phethela o lebohile Basotho ka tšehetso ea bona e sa thekeseleng ho Vodacom Lesotho ho fihlela ha joale.

Mosotho ea rekileng Mohala ka Mokitlane o tla fumana li-bundle tse kenyeletsang ho kena ho marang-rang, tsa ho letsa le ho romela melaetsa  letsatsi le letsatsi, nakong eo a ntse a lefa mokitlane oa hae. Mefuta ea lifono eo Basotho ba ka e fumanang morerong ona ke Sechocha, Mobicel RX Pro, Mobicel F50, Kicka 6 Plus, Samsung A04e, Samsung A05 le Samsung A05s.

Vinkmag ad

Read Previous

21 Loetse 2024

Read Next

La 23 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular