Vinkmag ad

La 17 Loetse 2024

Beke ea 24 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (12,12-14.27-31)

“Lona le ‘mele oa Kriste, ‘me le litho tsa oona tse thusanang.”

Bana beso! Joaloka ha ‘mele o le mong, o e-na le litho tse ngata, ‘me le litho tsohle tsa ‘mele o le mong li le ngata, leha ho le joalo, ke ‘mele o le mong feela, ‘me le eena Kriste o joalo.

Efela rona bohle re hlatsoitsoe ka Moea o le mong, hore re be ‘mele o le mong, e-bang re Bajodi kapa Ba-Gereke, e-bang re makhoba kapa ba lokolohileng, ‘me bohle re thophothetsoe ke Moea o le mong.

Etsoe le oona ‘mele ha se setho se le seng, empa e le tse ngata.

Empa lona le ‘mele oa Kriste ‘me le litho tsa oona tse thusanang. Ho na le bao Molimo a ba behileng Kerekeng: pele ke baapostola; ba hlahlangoa ke baprofeta; e nt’o ba baruti; kamorao e be ba nang le matla a ho etsa mehlolo le ba nang le neho ea ho folisa, ea ho thusa, ea ho tsamaisa, ea ho bua lipuo le ho li toloka. Ana bohle ke baapostola na? Bohle ke baprofeta na? Bohle ke baruti na? Ana bohle ba etsa mehlolo na? Bohle ba na le neho ea ho folisa na? Bohle ba bua lipuo na? Bohle ba ka toloka na? Chesehellang lineho tse molemo ho feta. Joale ke sa le supisa tsela e fetang tse ling tsohle.

PESALEMA 99

RE SECHABA SA MORENA LE MOHLAPE OA MAKHULO A HAE.

Etsetsang Morena litlatse,

lona mafatše ‘ohle,

tloong pel’a hae ka mehoo ea thabo,

sebeletsang Morena ka nyakallo.

Tsebang hore Morena ke eena Molimo,

ke eena ea re entseng ‘me re ba hae;

re sechaba sa hae

le mohlape oa makhulo o hae.

Kenang menyakong ea hae ka teboho,

le mabaleng a hae ka lithoko;

mo leboheng,

le boke lebitso la hae.

Morena o molemo, mohau oa hae ke o sa feleng,

‘nete ea hae ke ea ka mehla le mehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (7,11-17)

“Mohlankana, ke re ho uena: tsoha.”

Ka nako eo, Jesu a ea motseng o bitsoang Naime. Barutuoa ba hae ba ne ba tsamaea le eena, hammoho le letšoele le leholo.

A fihla haufi le khoro ea motse, nakong eo ho neng ho uoa mabitleng. Mofu e ne e le mora a inotši oa mohlolohali: ‘me batho ba bangata ba motse ba ne ba e-na le eena. Ha Morena a ‘mona, a mo utloela bohloko, ‘me a re ho eena: U se ke ua lla. A atamela, a ama mojaro.

Ba neng ba mo jere ba ema. Eaba o re: Mohlankana ke re ho uena: tsoha. Mofu a lula, ‘me a qala ho bua. Eaba Jesu o mo nehela ‘m’ae.

Bohle ba oeloa ke tšabo, ‘me ba tlotlisa Molimo ba re: Moprofeta e moholo o hlahile har’a rona, ‘me Molimo o etetse sechaba sa hae. Taba eo a e entseng ea boleloa kahohle Judea le naheng eohle e ka mathoko.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Loetse 2024

Read Next

LUFA e holisa talenta

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular