Vinkmag ad

La 16 Loetse 2024

Beke ea 24 har’a selemo

Sehopotso sa Cornelius Mopapa le Cyprian Mobishopo, bashoela-tumelo

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (11,17-26.33)

“Likhaohano li teng har’a lona, ka baka lena, ha le phuthehile hammoho, ha e sa le ho ja lijo tsa Morena.”

Bana beso! Ke le laela tsena, ke sa le thoholetse, hobane le phuthehela ho eketsa bobe e seng molemo. Pele, ke utloa hore ha le phuthehile kerekeng, likhaohano li teng har’a lona, ‘me ke batla ke lumela: hobane e ka khona bokhelohi bo be teng, hore bao e leng ba ‘nete har’a lona ba tle ba bonahale.

Ka baka lena, ha le phuthehile hammoho, ha e sa le ho ja lijo tsa Morena. Efela, ha ho lutsoe lijong, e mong le e mong o qala ka ho itjella lijo tseo e leng tsa hae, ebe e mong oa lapa, ha e mong eena a tahoa. Ana le hloka matlo ao le ka jellang le họ noella ho ‘ona na? Kapa le nyelisa Kereke ea Molimo ‘me le batla ho hlabisa ba se nang letho lihlong na? Ke tla re’ng ho lona na? Na ke tla le rorisa? Tabeng ena ha ke le thoholetse.

Ha e le ‘na ke amohetse ho Morena seo le ‘na ke le nehelelitseng sona. Morena Jesu, bosiung boo a neng a ekoe ka bona, o n’a nke bohobe; eare hoba a lebohe, a bo ngoatha, a re: Hona ke ‘mele oa ka o tla neheloa ka baka la lona; etsang hona ka ho nkhopola.

Ka mokhoa o joalo, eare hoba ba je, a nka senoelo, a re: Senoelo sena ke Selekane se secha se tiisoang ka mali a ka; neng kapa neng ha le se noa, le etse joalo ka ho nkhopola. Joale, neng kapa neng ha le e-ja bohobe bona ‘me le e-noa senoelo sena, ke lefu la Morena leo le le bolelang, ho fihlela a e-tla.

PESALEMA 39 (7-10.17. B. I Kor 11,26)

BOLELANG LEFU LA MORENA HO FIHLELA A E-TLA.

Ha u khahloe ke mahlabelo, leha e le linyehelo,

empa u nthibolotse litsebe:

ha u hloke licheso le mahlabelo bakeng la sebe;

ke ha ke re: Ke ‘Na eo, kea tla!

Bukeng ho ngotsoe taelo

ea hore ke phethe thato ea hao.

Molimo oa ka, lerato la molao oa hao

le botebong ba pelo ea ka.

Ke phatlalalitse tse monate phuthehong e kholo,

ha kea ka ka thola, ua tseba, Morena.

Bohle ba u batlang ba ke ba nyakalle,

ba ithabele ka uena,

ba lakatsang pholoho ea hao

ba se phetse ho re: Molimo o moholo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (7,1-10)

“Ha ke e-s’o fumane tumelo e kana esita le Israeleng.”

Ka nako eo, hoba Jesu a gete ho bolella sechaba lipolelo tsena tsohle, a kena Kafarnauma. Ho ne ho le teng molaoli e mong oa lekholo eo mohlanka oa hae a neng a kula, a le lekhatheng. Monga hae o n’a mo qenehetse haholo. Eitse h’a utloa tsa Jesu, a roma baholo ba bang ba Bajodi ho eena, ho mo kopa hore a tle ‘me a folise mohlanka oa hae.

Bona ha ba fihla ho Jesu, ba mo rapela ka matla, ba re ho eena: Ke motho ea tšoanelang hore u mo thuse joalo, hobane o rata sechaba sa rona ‘me o re ahetse ntlo ea thapelo.

Jesu a ea le bona. Ha a se a le haufinyane le ntlo, molaoli oa lekholo a romela motsoalle ho eena, a re: Morena, u se ke ua ikhathatsa, hobane ha ke tšoanele hore u kene ka tlung ea ka; ke ka baka leo ke sa kang ka fumana ke tšoanela ho tla ho uena; u mpe u laele feela, ‘me mohlanka oa ka o tla fola. Hobane ‘na, leha ke le motho ea matleng a ba bang, ke na le masole a ka tlase ho ‘na, ‘me ha ke re ho lena: E-ea, le e-ee; le ho le leng: Tloo, le ee le e-tle: le ho mohlanka oa ka: Etsa tjena, o’a etse.

Joale Jesu h’a utloa mantsoe ana a makalla motho eo. A retelehela ho letšoele le neng le mo latetse, a re: kea le bolella, ha ke e-s’o fumane tumelo e kana esita Israeleng.

Ba neng ba romiloe, ha ba khutlela hae, ba fumana mohlanka a phela hantle.

Vinkmag ad

Read Previous

LNDC e ba mohlala

Read Next

La 17 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular