Vinkmag ad

LNDC e ba mohlala

E le karolo ea ho hohela bohahlauli le batseteli kahar’a naha le ho matlafatsa tikoloho, Koporasi ea Ntlafatso ea Moruo (LNDC) e lemme lifate tse 3,000  tikolohong  ea Ha Tikoe, Seterekeng sa Maseru, ka la 6 Loetse monongoaha.

Lebitsong la Mookameli oa LNDC Thabang Busa, o bonts’itse ba etsa sena hore ebe mehlala kahar’a sechaba ho netefatsa hore tikoloho ehlile e le bohlokoa ebile e e-na le melemo e mengata sechabeng, le ntlafalong ea naha. A re ba boetse ba kenya letsoho ho loants’a litaba tsa phetoho ea boemo ba leholimo le ho thibela khoholeho ea mobu.

O re temo ena ea lifate e bohlokoa kaha ho boloka tikoloho e hloekileng ho sireletsa lihloliloeng le ho loants’a litholoana tse tlisoang ke boemo ba phetoho ea leholimo. Hape o re ke ho baballa bokamoso ba sechaba se tlang hore se tl’o una molemo ts’ireletsong e entsoeng ke bona. O itse LNDC e tsoile lets’olo ho ntlafatsa tikoloho libakeng tsa ts’ebetso  ka sepheo sa ho hohela batseteli kahar’a naha.

Rethabile Mdee e mong oa baokameli LNDC, o re ba batla ho bona bohle ba kenya letsoho ho boloka tikoloho e hloekile le ho nka boikarabello ba ho sireletsa tikoloho le ho lema lifate ho thibela khoholeho ea mobu.

O re ke boikarabello ba sechaba ho thibela ts’enyeho ea tikoloho ‘me ke bona ba ka thusang hore tikoloho e lule e hloekile le ho shebahala hantle kamehla. A re tikoloho ha e hloekile e fana ka bophelo bo botle, e etsa hore bohahlauli bo rate naha e joalo, ho matlafatsa moruo hobane mefuta e meng ea lifate e bohlokoa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Loetse 2024

Read Next

La 16 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular