Vinkmag ad

La 14 Loetse 2024

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Lipalo. (21,4-9)

“Mang kapa mang ea lonngoeng, ea tla e talima, o tla phela.”

Matsatsing ao, Ba-Heberu ba tloha thabeng ea Hore ka tsela ea Leoatle le Lefubelu, hore ba tle ba pote naha ea Edomo kathoko. Tseleng, sechaba sa fela pelo, ‘me sa bua hampe ka Molimo le ka Moshe sa re: Le re ntšelitse’ng Egepeta hore re tl’o shoella moo feelleng, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, ebile re tennoe ke sejo se sa tsebisahaleng.

Eaba Morena o romela sechabeng linoha tse mahloko a chesang; tsa loma batho, ‘me ha e-shoa ba bangata sechabeng sa Israele. Ke ha sechaba se e-tla ho Moshe, se re: Re entse sebe ka ho bua hampe ka Molimo le ka uena. Rapela Morena hore a tlose linoha tsena ho rona. Moshe a rapella sechaba.

PESALEMA 77

LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.

Lona sechaba sa ka, sekehelang thuto ea ka tsebe,

hloaelang lipolelo tsa molomo oa ka tsebe

Molomong oa ka ho tla betseha maele

ke tla qaqisa lilotho tsa mehla e fetileng.

E n’e e’e-re ha a ba bolaea, ba matle.

ba khutle, ba be le thahasello ea Molimo.

ba boele ba hopole hore Molimo ke lefika la bona,

le hore Molimo Ea holimo-limo ke molopolli oa bona.

Ba mo qekise ka molomo oa bona.

ba mo thetse ka leleme la bona,

pelo tsa bona li ne li sa tsepame ho eena,

ba ne ba sa tšepahale selekaneng sa hae.

Athe eena, ka kutloelo-bohloko, a ba tšoarela molato

a se ke a ba timetsa.

A tšoara khalefo ea hae hangata,

a se ke a ba bontša bohale bohle ba hae.

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filipi. (2,6-11)

“O ile a ikokobetsa, ka baka leo Molimo o mo phahamisitse.”

Leha Kriste Jesu a ne a e-na le boleng ba Molimo, ha a ka a ikhopola boholo ba hae ba ho lekana le Molimo: empa o ile a inyenyefatsa, ka ho inkela boleng ba lekhoba, le ka ho iketsa ea tšoanang le batho. A inkela sebopeho sa batho bohle, o bile a ikokobetsa, a ba ea mamelang ho isa lefung le hona lefu la sefapano.

Ka baka leo, Molimo o mo phahamisitse, ‘me o mo file lebitso le hlomphehang ho feta a mang kaofela, hore ha ho boleloa lebitso la Jesu, mangole ‘ohle a khumame maholimong, lefatšeng le botebong ba Qalo-ea-bafu, le maleme ‘ohle a bolele hore Jesu Kriste ke Morena, ‘me ka hona Molimo Ntate a tlotlisoe.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (3,13-17)

“E ne e ka khona Mor’a motho a phahamisoe joalo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Nikodema: Ha ho ea nyolohetseng leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e leng Mor’a motho. Joaloka ha Moshe a n’a phahamisetse noha holimo feelleng, e ka khona Mor’a motho a phahamisoe joalo, e le hore mang le mang ea lumelang ho eena a tle a be le bophelo bo sa feleng.

Efela Molimo o ratile lefatše haholo, hoo a bileng a fana ka Mora a inotši oa hae, e le hore bohle ba lumelang ho eena ba se ke ba timela ba mpe ba be le bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo ha a ka a romela Mora oa hae ho ahlola lefatše, empa o mo rometse hore lefatše le pholosoe ka eena.

Vinkmag ad

Read Previous

Matloana le metsi ke mathata

Read Next

LNDC e ba mohlala

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular