Vinkmag ad

Matloana le metsi ke mathata

Baithuti ba Sekolo se Phahameng sa Mohlanapeng, Seterekeng sa Mokhotlong, ba seboko ke tlhokahalo ea matloana hobane ba sitoa ho boloka bohloeki hape le bophelo ba bona bo tlokotsing. Litaba tsena ba li hlalositse puisanong le Koranta ka la 9 Loetse monongoaha.

Ba re boemo bona bo ba tšoentse kaha ba ithusetsa matlapeng le likhohloaneng, hoo tikoloho e sa hloekeng ka nepo le hoja ba khothaletsoa bohloeki. Ba re ba ithusetsa le libakeng tseo ba lokelang ho ba hole le metsi kaha ba leka ho boloka metsi a hloekile empa ke bothata hobane ha pula e na mantle a ea hoholeha a tsamaea le metsi. Ba re ba belaela boemo bona bo tla qetella bo entsa hore bophelo ba bona bo botle bo amehe kapa ba sechaba se sebelisang metsi.

Ho feta mona ba bontšitse ha matloana a banana a le teng empa a se na mamati, a bile a tletse, a sa hloeka, hoo ba ithusetsang ka ho ona a ntse a bulehile a le joalo. Ba re taba ena e ama bophelo ba bona haholo banana kaha ba lokela ho boloka bohloeki nakong eo ba ileng linakong tsa bona.

Ba re leha ba ile matloaneng moo ba etsa mesebetsi eohle ka letsoalo kaha mang le mang a ba bona, ‘me taba ena e’a ba soabisa kaha banana ba lokela ho sebelisa matloana a hloekileng, ba re ba boetse ba fuoa le mesangoana ea boitlhoekiso molemong oa hore ba se ke ba lofa sekolo hobane ba le linakong tsa bona.

E mong oa litichere tsa banna sekolong sena, ea ileng a rupeloa ka litaba tsa bohloeki, Leluma  Nkuebe o bontšitse hore sekolo sa habo se tjametsoe ke tlhoko e holimo ea matloana kaha bashanyana ba se na ona ho hang, ka lebaka leo ba ithusetsa mohlabaneng.

O re ngoana o nka metsotso e 15 ho isa ho e 30 ha a e’o ithusa hoo nako ea bona ea ho ithusa e qetellang e ameha.  A re lekunutu la bana ba bona ba banana le lula le le pepeneneng kaha hape le metsi h’a eo ngoana h’a ile a hlapa matsoho hoseng, ha ho moo a hlapang teng ntle leha a fihla hae.

O re ba tsietsing ea hore baithuti ba ka qetella ba ameha ke mafu hobane   bohloeki le polokeho ea tikoloho li le sieo. O re o lekile ho hlahisa taba ena ho ba amehang empa e ntse e le bothata.

“Hoa soabile ho bona ngoan’a hau oa ngoanana a ntse a ithusa ka ntloaneng, taba ena e bohloko re kopa thuso.” ke Nkuebe eo.

O ipilelitse ho ba amehang hore ho bohlokoa ho ela hloko litaba tsa bohloeki likolong ho qoba mafu le ho thusa hore bana ba hole ba utloisisa bohlokoa ba ho boloka bohloeki.

E mong oa litichere tsa basali sekolong sena ‘Maneo Chobokoane, o re ba tšoenyehile ke boemo bona hobane bana ba bona ba banana ba tlokotsing e kholo ea tlhokahalo ea matloana ‘moho le bahlankana.

O re se bakang tlhopheho ena ke tšenyo e bakoang ke karolo e ’ngoe ea baithuti le meea e matla. A tsoelapele ho re banana ha ba tsebe ba lahlela  mesangoana ea boitlhoekiso hokae, hoo ba ee ba qetelle ba e phuthela ho ea malapeng ka eona. O re taba ena e ba tšoentse, ba se ba sitoa le hore letho ho baithuti.

O bontšitse ngongoreho e kholo litabeng tsa boitlhoekiso e le hore ba hloka metsi sekolong, ha ba khone le ho hlatsoa matloana leha ho ka hloekisoa libaka tse ling, empa e kaholimo ho tsohle ke hore bana ba hlape matsoho ha ba tloha matloaneng.

O itse tlhokahalo ea metsi sekolong sena e behile bophelo ba bona le ba baithuti tlokotsing kaha ba sitoa ho arabela litlhoko tsa bona ho latela hore ba lokela ho ba koetlisetsa bohloeki joang. A re hore ba be le metsi a phehang sekolong, ba kopanela seliba le sechaba moo metsi a nkang nako e telele ho ba teng, hoo baithuti ba nkang nako e telele ebe boithuto ba bona boa ameha.

A re ba kopa batho ba ka ba thusang, hore ba ba etsetse matloana le ho ba kenyetsa metsi sekolong kaha bophelo bo botle ba baithuti bo le tlokotsing.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Loetse 2024

Read Next

La 14 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular