Vinkmag ad

La 12 Loetse 2024

Beke ea 23 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (8,1-7.10-13)

“Ha le hlaba letsoalo le fokolang la banab’abo lona, le siteloa Kriste.”

Bana beso! Tsebo e ee e bake boikhohomoso, athe lerato lea khothatsa. Ha motho a lekanya hore o tseba ho hong, ha a e-s’o tsebe kamoo a tšoanetseng hore a tsebe kateng. Empa ha motho a rata Molimo, eena o tsejoa ke Molimo. Mabapi le taba ea ho ja tse hlabetsoeng melimo ea bohata, re tseba hore melimo ea mofuta ona ha se letho lefatšeng: re tseba hore Molimo o mong feela.

Hobane leha ho e-na le ho bitsoang melimo leholimong le lefatšeng, (‘me ka mokhoa o joalo melimo e le mengata le marena a mangata,) ho rona Molimo o mong feela: Ke Ntate eo tsohle li tsoang ho eena, ‘me eo re mo phelelang. Le Morena o mong feela: Ke Jesu Kriste eo tsohle li entsoeng ka eena, ‘me eo re phelang ka eena.

Empa ha se bohle ba nang le tsebo eo. Ba bang, ka baka la ho tloaela melimo ea bohata, le joale ba ntse ba e-ja nama eo joaloka ha e le ea ntho e hlabetsoeng melimo, ‘me letsoalo la bona le fokolang lea silafala ke hona. Ka tsela ena, mohlomong ngoan’eno ea fokolang, eo Kriste a mo shoetseng, a ka timela ka baka la tsebo eo uena u nang le eona.

Ka ho siteloa bana babo lona joalo, le ho hlaba letsoalo la bona le fokolang, le siteloa Kriste. Ka baka leo, ha sejo se khopisa ngoan’eso, nke ke ka ja nama le ka mohla, ke se tšohe ke khopisa ngoan’eso.

PESALEMA 138 (1-3.13-14.23-24. R. 24)

MORENA NTSAMAISE TSELENG EA HAO EA MEHLA EOHLE.

Morena, u ntlhahlobile ‘me ua ntseba,

u tseba leha ke lutse kapa ke eme,

u bona mehopolo ea ka u nts’u le hole.

U lekantse linako tsa ka,

tsa ho tsamaea le ho phomola,

u tsebisisa litsela tsohle tsa ka.

Ke uena ea bopileng litho tsa bokahare ba ka,

ua li kopanya ke sa le popelong ea ‘m’e.

Kea u boka ka baka la limakatso tsa hao.

mesebetsi ea hao ea tsoteha.

Ntlhahlobe, Molimo, ‘me u tsebe pelo ea ka,

u ‘nonye, u fumane mehopolo ea ka.

U hlokomele hore ke se kene tseleng ea bomalimabe,

u mp’u ntsamaise tseleng ea hao ea mehla eohle.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (6,27-38)

“E-bang mohau, joalokaha Ntat’a lona a le mohau.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Kea le bolella, lona ba nkutloang, ke re: Ratang lira tsa lona, etsetsang ba le hloileng molemo, hlohonolofatsang ba le rohakang, ‘me le rapelle ba le etselletsang. Ea u jabelang lerameng, u mo nehe le leng; ‘me ea u amohang kobo ea hao, u se ke ua mo hanela ho nka le seaparo.

Fa mang kapa mang ea kopang ho uena; ‘me ea nkileng seo e leng sa hao, u se ke ua boela ua ‘motsa sona.

Kamoo le ratang hore batho ba le etse, le lona le ba etse joalo. Ha le rata ba le ratang, le ka tšoaneloa ke teboho efe? Le bona baetsalibe ba rata ba ba ratang. ‘Me ha le etsa hantle ho ba le etsang hantle, le ka tšoaneloa ke teboho efe? Le bona baetsalibe ba etsa joalo. ‘Me ha le alima bao le tšepang hore ba tla le buseletsa, le ka tšoaneloa ke teboho efe? Le bona baetsalibe ba alima baetsalibe, hore ba tle ba buseletsoe hakalo.

Empa lona, ratang lira tsa lõna, etsang molemo, le alimane le sa lebelle letho. Moputso oa lona o tla ba moholo, ‘me le tla ba bana ba Ea holimo-limo: hobane eena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba khopo.

E-bang mohau, joaloka ha Ntat’a lona a le mohau. Le se ke la ahlola, le lona ha le tlo ahloloa: le se ke la tsoa ba bang, le lona ha le tl’o tsuoa. Tšoarelang, le lona le tla tšoareloa. Fanang ‘me le tla fuoa: le tla tšelloa kobongg ea lona tekanyo e ntle, e katiloeng, e hlohliloeng, e tletseng thabana. Hobane ka tekanyo eo le lekanyelitseng ba bang ka eona, le lona le tla lekanyetsoa ka eona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Loetse 2024

Read Next

La 13 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular