Vinkmag ad

La 9 Loetse 2024

Beke ea 23 har’a selemo

MOKETE OA PETER CLAVER, MOPRISTA

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (5,1-8)

“Lahlang tomoso ea khale, hobane Kriste, eo e leng Paseka ea rona, o hlabiloe.”

Bana beso! Ho utloahetse kahohle hore bohlola bo teng har’a lona, ‘me bohlola bo bokalo ha bo e-s’o ka bo e-ba teng, esita le har’a bahedene, hore e mong o nkile mosali oa ntat’ae.

Empa le tletse boikhohomoso, athe le tšoanetse ho ba le soabo, ‘me ea entseng ketso ena e ka khona a tlosoe har’a lona. Ha e le ‘na, leha ke le sieo ka ‘mele, ke teng ka moea, ‘me ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kriste ke se ke ahlotse ea entseng ketso e joalo, joaloka hoja ke le teng. Ha le se le phuthehile hammoho ‘me le ‘na ke le teng ka moea, ka matla a Morena oa rona Jesu Kriste, e ka khona ea joalo a neheloe satane, ho timetsoe ‘mele oa hae hore moea oona o tle o pholosoe ka letsatsi la Morena oa rona Jesu Kriste.

Boithoriso ba lona ha bo’a loka. Ana ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e lomosa hlama kaofela? Lahlang tomoso ea khale, hore le be hlama e ncha, kaha le le mahobe a sa lomosoang; hobane Kriste, eo e leng Paseka ea rona, o hlabiloe. Ha ho le joaio, a re etseng mokete, e seng ka tomoso ea khale, leha e le ka tomoso ea bobe le ea bokhopo, e mpe e be ka mahobe a sa lomosoang, e leng bohloeki le ‘nete.

PESAILEMA 5 (5-7.12. R.9)

NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO MORENA.

Ha u Molimo ea khahloang ke bokhopo:

e mobe ha a amohelehe ho uena.

Baikakasi ba ke ke ba hlaha pel’a hao,

u hloile bohle ba etsang tse sa lokang.

Athe ‘na, ka baka la boholo ba mohau oa hao,

nka kena tlung ea hao;

ke iname ka tšabo

ka pele ho tempele e halalelang ea hao, Morena.

A ba ke ba thabe, bohle ba tšabelang ho uena.

ba etse litlatse ho se khaotso,

bao u ba sireletsang;

ba ratang lebitso la hao

ba ithabele ka uena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6,6-11)

“Ba mo lisitse, ba tle ba bone hore na o tla folisa ka sabbatha.”

Ka sabbatha se seng hape, Jesu a kena tlung ea thapelo ‘me a ruta. Motho o n’a le teng moo ea shoeleng letsoho le letona, Bangoli le Bafarisi ba ne ba lisitse Jesu, ba tle ba bone hore na o tla folisa ka sabbatha, e le hore ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona. Empa eena a tseba mehopolo ea bona, ‘me a re ho ea shoeleng letsoho: Ema, u hlahelle pontšeng. Eena a ema, a ema har’a bona.

Eaba Jesu o re ho bona: Kea le botsa hore na, ka sabbatha, ho lumeletsoe ho etsa molemo kapa bobe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa? A nt’o ba qamaka bohle, ‘me a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A etsa joalo ‘me letsoho la boela la phela, Bona ba tlokoma ke khalefo ‘me ba buisana hammoho ka seo ba ka se etsang Jesu.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Loetse 2024

Read Next

La 10 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular