Vinkmag ad

La 7 Loetse 2024

Beke ea 22 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (4,6-15)

“Rea lapa, re nyoriloe, re hlobotse.”

Bana beso! Ke lekantse litaba tsena ka ‘na le Apollo ka baka lạ lona, hore le ithute ka rona ho se tlolise se ngotsoeng, motho a se ke a ikhohomosa ka ho emela e mong le ho khesa e mong. Hobane ke mang ea u khethang ho ba bang na? U na le eng eo u sa kang ua e nehoa? ‘Me ha tsohle u li nehiloe, u ithorisetsa’ng joaloka hoja u sa ka ua li nehoa na? Le se le khotše, le se le fetohile barui! Le busa ka ntle ho rona: hoja le ka mpa la busa, e le hore le rona re buse le lona! Efela kea kholoa Molimo o re behile, rona baapostola, re le banyenyane ho bohle, joaloka ha eka re batho ba abetsoeng polao. Re fetohile sebonoang ho lefatše, manyeloi le batho. Rona re lithoto ka baka la Kriste, athe lona le bohlale ho Kriste. Rona rea fokola, athe lona le matla. Lona lea hlompheha, athe rona rea nyeliseha. Ho fihlela nakong ea joale, rea lapa, re nyoriloe, re hlobotse, rea hlekefetsoa ‘me re metoaitoai: re sebetsa thata ka matsoho a rona.

Ha re rohakoa, rea hlohonolofatsa. Ha re hlorisoa, rea mamella. Ha re nyefoloa, re kopa khotso. Ho fihlela joale re entsoe lithole tsa lefatše le litšila tsa bohle.

Ha kẹ ngole litaba tsena hore ke le hlabise lihlong, empa ke le khalemela le le bana ba ka ba ratehang haholo. Hobane leha le ka ba le mesuoe e likete tse leshome ho Kriste, ha le na bo-ntat’a lona ba bangata, hobane ke ‘na ea le tsoetseng ho Kriste Jesu ka Evangeli.

PESALEMA 144 (17-21. R. 18)

MORENA O HAUFI LE BA HOELETSANG HO EENA.

Mahlo a bohle a u lebeletse,

hore u ba fepe ka nako ea teng.

U fuparolla seatla,

‘me u khorisa tsohle tse phelang

ka seo li se lakatsang.

Morena o lokile litseleng tsohle tsa hae,

o mohau mesebetsing eohle ea hae.

Morena o haufi le ba hoeletsang ho eena,

bohle ba hoeletsang ho eena e le ka ‘nete.

O phethisa litakatso tsa ba mo tšabang,

o utloa mohoo oa bona ‘me oa ba pholosa.

Morena o baballa bohle ba mo ratang,

ba khopo bona o ba timetsa kaofela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6,1-5)

“Ke ka baka la’ng le etsamg se sa lumelloeng ka sabbatha?”

Ha etsahala hore, ka sabbatha se seng, ha Jesu a feta har’a masimo a koro, barutuoa ba hae ba khe liqoapi ba li hohlele liatleng tsa bona ‘me ba je. Ba bang ba bafarisi ba re ho bona: Ke ka baka la’ng le etsang sa sa lumelloeng ka sabbatha na?

Jesu a ba fetola, a re: Ana ha le e-s’o bale seo Davida a kileng a se etsa h’a lapile, eena le bao a neng a e-na le bona? Kamoo a kileng a kena ka tlung ea Molimo ‘me a nka mahobe a nyehelo, a a ja, a ba a neha le bao a nang le bona mahobe a sa lumelloeng ho jeoa ha e se ke baprista feela. A eketsa, a re: Mor’a motho ke morena oa sabbatha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Loetse 2024

Read Next

La 9 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular