Vinkmag ad

La 5 Loetse 2024

Beke ea 22 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (3,18-23)

“Tsohle ke tsa lona, empa lona le ba Kriste ‘me Kriste ke oa Molimo.”

Bana beso! Ho se ke ha e-ba e mong ea ithetsang. Ha eba e mong oa lona a hloma eka o bohlale lefatšeng lena, a iketse sethoto, hore a tle a be bohlale. Hobane bohlale ba lefatše lena ke bothoto mahlong a Molimo. Efela ho ngotsoe, ho thoe: Ke tla khata ba bohlale ka mano a bona. ‘Me ho thoe hape: Morena o tseba hore mehopolo ea ba bohlale ke bosaoana.

Ha ho le joalo ho se ke ha e-ba motho ea ithorisang ka batho, hobane tsohle ke tsa lona, leha e ka ba Paulosi, Apollo kapa Kefase, leha e le lefatše lena, bophelo kapa lefu, tse leng teng kapa tse tlang ho tla. E, tsohle ke tsa lona; empa lona le ba Kriste ‘me Kriste ke oa Molimo.

PESALEMA 23 (1-6. R. 1)

LEFATšE KE LA MORENA LE TSOHLE TSE HO LONA.

Lefatše ke la Morena le tsohle tse ho lona:

lefatše le baahi bohle ba lona.

O n’a le thehe holim’a maoatle,

a le tiisa holim’a maliba.

Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Morena,

ka mang ea ka emang qalong e halalelang ea hae?

Ke ea se nang mali matsohong,

ea pelo e hloekileng,

Enoa ke eena ea tla fumana mahlohonolo ho Morena,

ea tla ahloleloa ke Molimo, mopholosi oa hae.

O joalo moloko oa ba mo batlang,

oa ba batlang ho hlaha pel’a hao,

uena Molimo oa Jakobo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (5,1-11)

“Ba tlohela tsohle ‘me ba mo latela.”

Ka nako eo, ha etsahala hore, ha matšoele a n’a mo khobokanela ho utloa lentsoe la Molimo, Jesu a eme lebopong la letša la Gennesaretha. A bona likepana tse peli li eme lebopong la letša; batšoasi ba ne ba tsoile ho tsona, ba hlatsoa matlooa a bona. Eaba o kena sekepaneng se seng, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se suthise hanyenyane lebopong; a nt’o lula ‘me a ruta matšoele, a le ka sekepaneng.

Eitse h’a qeta ho bua, a re ho Simone: Sesisetsa moo ho tebang, le akhele matlooa a lona, le tšoase. Simone a araba, a re ho eena: Morena, re sebelitse ka thata bosiu bohle, re sa tšoase letho; empa ho ea ka polelo ea hao ke tla akhela letlooa. ‘Me ha ba entse joalo, ba tšoasa lihlapi ka bongata bo boholo, hoo letlooa la bona le neng le taboha. Ba hoehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Ba tla ‘me ba tlatsa likepana tse peli, hoo li batlileng li teba.

Eitse ha Simone Peterosi a bona hoo, a itihela mangoleng a Jesu, a re: Tloha ho ‘na Morena, hobane ke motho oa moetsalibe! Etsoe o n’a maketse haholo, hammoho le bohle ba nang le eena, ka tšoaso ea lihlapi tseo ba neng ba li tšoasitse. Ha e-ba joalo le ho Jakobo le Joannes, bara ba Zebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Eaba Jesu o re ho Simone: U se ke ua tšoha: ho tloha joale u tla ba ea tšoasang batho. ‘Me ha ba se ba tlisitse likepana tsa bona lebopong, ba tlohela tsohle ‘me ba mo latela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Loetse 2024

Read Next

La 6 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular