Vinkmag ad

La 4 Loetse 2024

Beke ea 22 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (3,1-9)

“Rona re batlatsi ba Molimo: lona le tšimo ea Molimo le moaho oa Molimo.”

Bana beso! Ke sitiloe ho bua le lona joaloka hoja le e-na le Moea oa Molimo; ka tlameha ho bua le lona le le batho ba lefatše le bana ba banyenyane tumelong ho Kriste. Ke le file lebese hore le noe, e seng lijo tse matla hobane le ne le sa sitoa, ‘me esita le joale le sa sitoa, kaha le sa le ba lefatše. Efela ere kaha mohono le liphapang li le teng har’a lona, na ha le ba lefatše, ‘me ha le phele ka mokhoa oa botho feela na?

Ha e mong a re: ‘Na ke oa Paulosi, ‘me e mong a re: ‘Na ke oa Apollo, na ha le batho? Apollo ke’ng le Paulosi ke’ng na? Ke bahlanka ba Molimo ba le isitseng tumelong; ‘me e mong le e mong oa bona o phetha mosebetsi oo Morena a mo abetseng oona.

‘Na ke lemme, Apollo o noeselitse, empa ke Molimo ea melisitseng setlama. Ha ho le joalo, ea lemang ha se letho, leha e le ea noesetsang, mosebetsi oa bohlokoa ke oa Molimo ea melisang setlama. Ea lemang le ea noesetsang ke ntho e le ‘ngoe; ‘me e mong le e mong o tla fumana moputso oa hae ho Molimo, ho ea ka mosebetsi oa hae. Rona re batlatsi ba Molimo: lona le tšimo ea Molimo le moaho oa Molimo.

PESALEMA 32 (12-15.20-21. R. 12)

HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.

Ho lehlohonolo sechaba

seo Morena e leng Molimo oa sona,

seo a ikhethetseng sona ho ba lefa la hae.

Morena o talima a le maholimong,

o bona bana bohle ba batho.

A le qalong eo a ahileng ho eona,

o nts’a sheba baahi bohle ba lefatše.

Ke eena ea bopileng pelo tsa bona bohle,

ea tsebang liketso tsohle tsa bona.

Meea ea rona e lebella Morena,

ke eena thuso le thebe ea rona.

Pelo tsa rona li ithabela ka eena,

hobane re tšepile lebitso le halalelang la hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (4,38-44)

“Metse e meng le eona e ka khona ke e bolelle molaetsa oa taba tse monate, hobane sena ke sona seo ke rometsoeng ho se phetha.”

Ka nako eo, eitse ha Jesu a e-tsoa ka tlung ea thapelo a kena ha Simone. Mohoehali oa Simone o n’a hoehla ke feberu, ‘me ba mo kopela thuso ho Jesu. Eaba Jesu o inamela ho eena, o laela feberu ka lentsoe la khalemo, ‘me ea mo tlohela. Ka nako le motsotso mokuli a tsoha, ‘me a ba fepa.

Ha letsatsi le likela, bohle ba neng ba e-na le bakuli ba jeoang ke mafu a mefuta-futa, ba ba tlisa ho Jesu, ‘me eena a ba folisa ka ho  beha matsoho holim’a e mong le e mong oa bona. Bademone le bona ba ne ba e-tsoa ho ba bangata, ba ntse ba hooa, ba re: Uena, u Mora oa Molimo. Empa, ka lentsoe la khalemo, o n’a ba hanela ho bua, hobane ba ne ba tseba hore ke eena Kriste.

Eare ha letsatsi le chaba, a tloha a ikela nahathote. Matšoele a ne a ‘matla, ‘me h’a fihla ho eena, a ne a rata ho mo thiba, hore a se ke a tloha ho ona. Empa eena a re: Metse e meng le eona e ka khona ke e bolelle molaetsa oa taba tse monate tsa ‘Muso oa Molimo, hobane sena ke sona seo ke rometsoeng ho se phetha. ‘Me o n’a ruta matlung a thapelo, Galilea.

Vinkmag ad

Read Previous

Let us get passed that fear

Read Next

La 5 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular