Vinkmag ad

La 31 Phato 2024

Beke ea 21 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe, (1,26-31)

“Molimo o khethile tse eisehang lefatšeng.”

Bana beso! A le keng le hlahlobisise pitso ea lona, ka ha ho se ba bangata ba nang le bohlale ba lefatše, ho se ba bangata ba linatla, ho se ba bangata ba mali a borena. Empa Molimo o khethile tseo e leng bothoto lefatšeng ho tsietsa ba bohlale, tse fokolang lefatšeng ho tsietsa tse matla.

Tse eisehang le tse khesehang lefatšeng, tseo e seng letho, ke tsona tseo Molimo a ikhethetseng tsona ho fenya tseo e leng letho, e le hore ho se be motho ofe kapa ofe ea ka ithorisang pel’a hae.

‘Me ke ka eena, lona le leng ho Kriste Jesu, eo Molimo a re fileng eena hore e be bohlale ba rona, tokafatso, khalaletso le topollo ea rõna, hore joaloka ha ho ngoliloe, ea ithorisang a ithorise ka Morena.

PESALEMA 32 (12-13.18-21. R. 12)

HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.

Ho lehlohonolo sechaba

seo Morena e leng Molimo oa sona,

seo a ikhethetseng sona ho ba lefa la hae.

Morena o talima a le maholimong,

o bona bana bohle ba batho.

Mahlo a Morena a holim’a ba mo tšabang,

ba tšepileng mohau oa hae,

hore a ba phemise lefu,

a ba baballele bophelo nakong ea tlala.

Meea ea rõna e lebella Morena,

ke eena thuso le thebe ea rona.

Pelo tsa rona li ithabela ka eena,

hobane re tšepile lebitso le halalelang la hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (25,14-30)

“U tšepahetse linthong tse seng kae, kena thabong ea morena oa hao.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: ‘Muso oa Maholimo o tšoana le motho ea etelang hole, ea ileng a bitsa bahlanka ba hae ‘me a ba siela maruo a hae. A abela e mong chelete e litalenta li hlano, e mong tse peli, e mong e le ‘ngoe, e mong le e mong ka ho ea ka mahlale a hae. Motho eo a nt’o tsamaea.

Ea amohetseng litalenta tse hlano a ikela, a ea hoeba ka tsona, ‘me a phaella ka tse hlano. Ka mokhoa o joalo, le eena ea neng a amohetse tse peli a phaella ka tse peli. Athe ea neng a amohetse e le ‘ngoe a ea cheka fatše, ‘me a epela chelete ea mong’a hae.

Kamor’a nako e telele, morena oa bahlanka bao a khutla, ‘me a hlahloba tšebetso ea bona. Joale ea neng a amohetse litalenta tse hlano a atamela, a tlisa litalenta tse ling tse hlano, a re: Morena, u ile ua nkabela litalenta tse hlano; bona, ke phaelletse ka tse ling tse hlano. Morena oa hae a re ho eena: Ke hantle mohlanka ea lokileng ‘me ea tšepahalang. Kaha u tšepahetse linthong tse seng kae, ke tla u beha holim’a tse ngata; kena thabong ea morena oa hao.

Le eena ea neng a amohetse litalenta tse peli, a atamela ‘me a re: Morena, u ile ua nkabela litalenta tse peli: bona ke phaelletse ka tse ling tse peli. Morena oa hae a re ho eena: Ke hantle, mohlanka ea lokileng ‘me ea tšepahalang. Kaha u tšepahetse linthong tse seng kae, ke tla u beha holim’a tse ngata; kena thabong ea morena oa hao.

Athe ea neng a amohetse talenta e le ‘ngoe, a atamela ‘me a re: Morena, kea tseba hore u motho ea thata: u kotula moo u sa kang ua jala teng, ‘me u bokella moo u sa kang ua hasa teng. Ka baka la ho tšaba, ka ea, ka epela talenta ea hau mobung; ke eo, u na le seo e leng sa hau.

Mong’a hae a fetola, a re: Mohlanka e mobe, ‘me ea botsoa, u n’u nts’u tseba hore ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, ‘me ke bokella moo ke sa kang ka hasa teng. Ha ho le joalo, u n’u tšoanetse ho beha chelete ea ka bankeng, etlere mohla ke khutlang, ke e amohele ‘moho le phaello ea eona. Ka baka leo, mo amoheng talenta ea hae, ‘me le e nehe ea nang le litalenta tse leshome. Hobane ea nang le letho o tla fuoa ‘me a ateloe: empa ea se mang letho o tla amohuoa le seo e kang o na le sona. Ha e le mohlanka eo ea se nang thuso, mo lahleleng lefifing le kantle, moo ho tla ba teng lillo le litsikitlano tsa meno.

Vinkmag ad

Read Previous

Akello le Mazenod li kopanya lihlooho

Read Next

La 2 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular