Vinkmag ad

La 29 Phato 2024

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia, (1,17-19)

“U ba bolelle tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tšaba.”

Matsatsing ao, lentsoe la Morena la mphihlela, la re: u itlame letheka, u eme, u ba bolelle tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tšaba, esere le ‘na ka u kenya tšabo mahlong a bona. Bona, kajeno ke u behile u le joaloka motse o sireletsehileng, tšiea ea tšepe le lerako la koporo, u t’lu hanyetse naha ena kaofela: likhosi tsa Juda le mahosana a eona, baprista ba eona le sechaba sa eona. Ba tla u loantša, empa ba tla sitoa ho u hlöla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho rialo Morena.

PESALEMA 70 (1-6.15 le 17 R. 15)

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAU.

Ke tšabela ho uena, Morena,

ke se ke mpe ka tlontlolleha le ka mohla.

Ka ho ea ka toka ea hau,

u ‘namolele ‘me u ntokolle,

ntšekehele tsebe ‘me u mpholose.

U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona;

efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

Molimo oa ka, ak’u ‘ntše liatleng tsa ea khopo.

Morena, ke uena tšepo ea ka

Molimo, u bile setšehetso sa ka ho tloha bocheng ba ka.

Ke itšetlehile ka uena ho tloha tlhahong ea ka,

u bile mosireletsi oa ka ho tloha popelong ea ‘m’e.

Molomo oa ka o tla bolela ho loka ha hau,

le pholoho ea hau letsatsi lohle.

Molimo oa ka, u nthutile ho tloha bocheng ba ka,

ke phatlalalitse mesebetsi e tsotehang ea hau

ho fihlela kajeno.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka, (6,17-29)

“Ke rata hore hona joale u mphe ka mokeke hlooho ea Joannes Mohlatsoi.”

Heroda o ne a ile a romela batho ho ea tšoara Joannes, a mo kenya chankaneng ka baka la Herodiase eo Heroda a neng a mo nyetse, leha e ne e le mohatša Flipi ngoan’abo. Efela Joannes o n’a re ho Heroda: Ha ho lumellehe hore u nke mosali oa ngoan’eno.

Ha e le Herodiase, eena o n’a hloile Joannes haholo, a batla ho ‘molaea, a mpa a sitoa, hobane Heroda o n’a mo tšaba, ka ho tseba hore ke motho ea lokileng, ea halalelang, ‘me o n’a mo sireletsa. Hoba a mo utloe, o n’a tsieleha haholo; leha ho le joalo, o n’a mo mamela a se na lekhonono.

Empa monyetla oa hlaha, ka letsatsi la khopotso ea tsoalo ea Heroda. A etsetsa mahosana le balaoli ba hae le batho ba baholo ba Galilea mokete oa lijo. Eare hoba morali oa Herodiase a kene, a etsa chao, ‘me a khahlisa Heroda le ba neng ba le lijong le eena.

Eaba morena o re ho moroetsana: Nkope seo u se ratang, ke tla u fa sona. A ba a mo hlapanyetsa, a re: Sohle seo u tla se kopa, ke tla u fa sona, leha e ka ba karolo ea bobeli ea ‘muso oa ka.

Moroetsana a tsoa, a fihla, a botsa ‘m’ae, a re: Ke tla kopa’ng na? Eo a re: Hlooho ea Joannes Mohlatsoi. Hang a potlakela ho boela ho morena, a kopa, a re: Ke rata hore hona joale u mphe ka mokeke hlooho ea Joannes Mohlatsoi.

Morena a soaba haholo, empa ka baka la boikano ba hae, le ka baka la ba neng ba le lijong le eena o n’a sa batle ho mo hanela. Hang a roma e mong oa balebeli, a mo laela hore a tlise hlooho ea Joannes Mohlatsoi. Molebeli a ea, a fihla a mo khaola hlooho ka chankaneng; a nt’o tlisa hlooho ea hae ka mokeke, a e nehela ngoanana, ‘me ngoanana a e nehela ‘m’ae. Eitse ha barutuoa ba Joannes ba utloa hoo, ba tla ho nka setopo sa hae, ‘me ba se boloka lebitleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Phato 2024

Read Next

La 30 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular