Vinkmag ad

La 27 Phato 2024

Beke ea 21 har’a selemo

Sehopotso sa Monica ea Halalelang

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (2,1-3.13-16)

“Le boloke thuto eo ke le nehelelitseng eona.”

Bana beso! Ha e le ka tsa ho tla ha Morena oa rona Jesu Kriste, le tsa kopano ea rona le eena, rea le kopa hle, le se ke la phakisa ho ferekana maikutlo, leha e le ho tšosoa ke ba profetang, kapa ba rutang, kapa ba reng ke ngotse lengolo ka taba ena, joaloka hoja letsatsi la Morena le se le atametse. Ho se be ea le thetsang ka mokhoa ofe kapa ofe.

Ka molaetsa oa taba tse monate oo re le tliselitseng oona, Molimo o le bitsitse hore le tle le rue letlotlo la Morena oa rona Jesu Kriste. Ha ho le joalo, bana b’eso, emang le tiile ‘me le boloke thuto eo ke le nehelelitseng eona, leha e le ka molomo kapa ka lengolo.

Morena oa rona Jesu Kriste ka sebele, le Molimo Ntat’a rona ea re ratileng ‘me eo, ka mohau, a re nehileng tšeliso e sa feleng le tšepo e molemo, ba ke ba tšelise lipelo tsa lona ‘me ba ke ba le tiise mesebetsing le polelong eohle e molemo.

PESALEMA 95 (10-13. R. 13)

MORENA O TLIL’O AHLOLA LEFATšE.

Khumamelang Morena ea tlotlehang ‘me ea halalelang,

thothomelang pel’a hae, lona mafatše ‘ohle.

Bolellang lichaba le re: “Morena ke Khosi!”

Ka hona lefatše le tiile, le ke ke la sisinyeha.

O ahlola lichaba ho se leeme.

Maholimo a ke a thabe, le lefatše le nyakalle.

Leoatle le ke le rore

‘moho le tsohle tse ka ho lona.

Masimo a ke a nyakalle, le tsohle tse ho ‘ona.

Lifate tsohle tsa meru li etse litlatse tsa thabo,

pel’a Morena, hobane oa tla,

o tlil’o ahlola lefatše.

A ke a ahlole lefatše ka toka,

le lichaba ka ‘nete ea hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23,23-26)

“Le ne le tšoanetse ho etsa tsena, le sa tlohele tseno.”

Ka nako eo, Jesu a bua a re: Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le ntša karolo ea leshome ea koena, ea anise le ea kumine; empa le tlohela tseo e leng tsona tse kholo molaong, e leng toka, mohau le botšepehi. Le ne le tšoanetse ho etsa tsena, le sa tlohele tseno. Batsamaisi ba lifofu, le minya monoang empa le koenya kamele.

Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le hlatsoa senoelo le sejana kantle; empa kahare ho tletse lintho tseo le ipatletseng tsona ka bosholu le ka meharo. Mofarisi ea sefofu, hlatsoa bokahare ba senoelo le ba sejana pele, ho tle ho hloeke le bokantle.

Vinkmag ad

Read Previous

Baena ba bopa bonngoe

Read Next

La 28 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular