Vinkmag ad

La 26 Phato 2024

Beke ea 21 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (1,1-5.11-12)

“Lebitso la Morena le tla tlõtlisoa ka ho lona, le lona le tlotlisoe ka ho eena.”

Paulosi, Silvanuse le Timothi, ho kereke ea Ba-Thessalonika eo e leng ea Molimo Ntat’a rona le ea Morena Jesu Kriste.

Mohau le khotso e tsoang ho Molimo Ntat’a rona le ho Morena Jesu Kriste li ke li be le lona!

Re tšoanetse ho leboha Molimo ka mehla ka baka la lona, bana b’eso, joaloka ha ho lokela, hobane tumelo eo a mo ea lona e hola ka mokhoa o makatsang, ‘me lerato la e mong le e mong oa lona ho ba bang lea eketseha: hoo rona ka sebele re ka ithorisang ka lona, likerekeng tsa Molimo, ka baka la mamello ea lona le tumelo ea lona har’a litlhoriso tsohle le matšoenyeho ‘ohle ao le a mamellang.

Ka hona ho totobetse kahlolo e lokileng ea Molimo, eo ka eona le tla fumaneha le le ba lokelang ‘muso o Molimo oo le lona le hlorisoang ka baka la oona.

Ka baka leo re le rapela kamehla hore Molimo oa rona a le etse ba tšoanelang pitso ea hae, ‘me a phethise ka matla a hae merero eohle ea lona ea ho etsa tse molemo le tšebetso ea tumelo ea lona. Ka tsela ena lebitso la Morena oa rona Jesu Kriste le tla tlotlisoa ka ho lona, le lona le tlotlisoe ka ho eena, ka mohau oa Molimo oa rona le oa Morena Jesu Kriste.

PESALEMA 95 (1-5. R. 3)

LE BOLELE MESEBETSI E TSOTEHANG EA MORENA HARA LICHABA TSOHLE.

Binelang Morena sefela se secha.

binelang Morena, lona mafatše ‘ohle.

Binelang Morena, le boke lebitso la hae,

tumisang pholoho ea hae ka matsatsi ‘ohle.

Le bolele letlotlo la hae har’a lichaba,

le mesebetsi e tsotehang ea hae har’a merabe eohle.

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso e kholohali,

o tšabeha ho feta melimo eohle.

Etsoe melimo eohle ea lichaba ke mafeela-feelane.

Athe Morena ke eena ea entseng maholimo.

Lona, lichaba ka mefuta,

ananelang Morena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23,13-22)

“Ho malimabe lona, batsamaisi ba foufetseng.”

Ka nako eo, Jesu a bua, a re: Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le koalla batho ‘muso oa maholimo: efela lona ha le kene ho oona, le teng le hanela ba ratang ho kena teng.

Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le pota leoatle le lefatše lohle ho fumana mosokolohi a le mong: ‘me ha le mo fumane le mo etsa ngoana oa lihele ea le fetang habeli ka bobe.

Ho malimabe lõna, batsamaisi ba foufetseng, ba reng: Ha motho a ana ka Tempele, ha se letho; empa ha a ka ana ka gauda ea Tempele o tlamiloe. Le maoatla le lifofu! Ho hoholo ke hofe, ha e le gauda kapa Tempele e halaletsang gauda eo?

Hape le re: Ha motho a ana ka aletare, ha se letho, empa ha a ka ana ka nyehelo e aletareng o tlamiloe. Le lifofu! Ho hoholo ke hofe, ha e le nyehelo kapa aletare e halaletsang nyehelo eo?

Ea anang ka aletare, o ana ka eona le ka tsohle tse ho eona. Ea anang ka Tempele o ana ka eona le ka Ea ahileng ho eona. Le ea anang ka leholimo o ana ka terone ea Molimo le ka Ea lutseng ho eona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Phato 2024

Read Next

Baena ba bopa bonngoe

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular