Vinkmag ad

La 23 Phato 2024

Beke ea 20 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele.  (37,1-14)

 “Lona masapo a ommeng, mamelang Lentsoe la Morena. Ke tla le nyolla mabitleng, lona sechaba sa Israele.”

Matsatsing ao Letsoho la Morena le ile la e-ba ho ‘na: eaba, ka moea oa hae, Morena o nkisa sekhutlong se neng se tletse masapo, ‘me a mpeha kahar’a sona. A ntsamaisa kahohle har’a ‘ona. A ne a le mangata haholo ka bophara ba sekhutlo, le teng a ne a omme haholo.

Joale a re ho ‘na: “Mor’a motho, na masapo aa a ka boela a phela hape?” Ka araba, ka re: “Morena Molimo, ke uena ea tsebang.”

A re hape: “Profetela masapo ana, u re ho ‘ona: Lona masapo a ommeng, mamelang lentsoe la Morena! Ke sena seo Morena Molimo a se bolellang masapo ana: Ke tla kenya moea ka ho lona ‘me le tla boela le phela.

Ke tla le khorametsa mesifa, nama e boele ho lona, ke le apese ka letlalo, ke kenye moea ka ho lona, ‘me le tla phela, le tsebe hore ke ‘na Morena.” Ka profeta kamoo ke laetsoeng kateng. Eitse ha ke ntse ke profeta, ha utloahala lerata: masapo a sisinyeha ‘me a atamelana. Ka talima, ‘me ka bona mesifa e a khoramela, nama e boela ho ‘ona.

Eaba Morena o re ho ‘na: “Profetela moea, u profete, mor’a motho! E-re ho moea: Morena Molimo o bua joana: Uena moea, hlaha liqoleng tse ‘ne tsa lefatše, u fokele litopong tsena li tle li boele li phele.”

Ka profeta kamoo a ntaetseng kateng ‘me moea oa kena ka ho tsona: tsa boela, tsa phela, tsa ba tsa ema ka maoto; e ne e le lekhotla le leholohali.

Ke ha a re ho ‘na: “Mor’a motho, masapo ana ke sechaba sohle sa Israele. Ke sona se ntseng se re: masapo a rona a omme, tšepo ea rona e timetse, re felile tu.

Ka baka leo, u profete ‘me u re ho sona: Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang; ke lekhatheng la ho bula mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng, lona sechaba sa ka, ‘me ke le khutlisetse lefatšeng la Israele.

 Lona sechaba sa ka, le tla tseba hore ke ‘na Morena, mohla ke bulang mabitla a lona ‘me ke le nyolla mabitleng. Ke tla kenya moea oa ka ka ho lona, ‘me le tla phela; ke tla le ahisa lefatšeng la habo lõoa, ‘me le tla tseba hore ‘na Morena, ke buile ‘me ke tla phethahatsa, ho rialo Morena.”

PESALEMA 106 (2-9. R. 1)

BOKANG MORENA HOBANE O MOLEMO MOHAU OA HAE KE O SA FELENG.

Ba ke ba rialo ba lopolotsoeng ke Morena,

bao a ba lopolotseng liatleng tsa sera,

bao a ba phuthileng mafatšeng,

Ba e-tsoa Bochabela le Bophirima, Leboea le Boroa.

Ba phaila feelleng, lehoatateng,

ba sa fumane tsela e isang motseng

oo ba ka ahang ho oona;

ba lapileng, ba nyoriloe,

hoo ba neng ba ilibana.

Ba hoeletsa ho Morena matšoenyehong a bona,

a ba ephola matsoalong a bona.

A ba tsamaisa ka tsela e otlolohileng.

ho ba lebisa motseng oo ba ka ahang ho oona.

Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau oa hae,

le ka baka la tse tsotehang

tseo a li etselitseng bana ba batho.

Hobane o nyorolotse ea nyoriloeng,

ea lapileng o mo khorisitse ka tse molemo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (22,34-40)

“U tla rata Morena Molimo oa hao, le ngoan’eno joaloka ha u ithata.”

Ka nako eo, bafarisi ba tla ho Jesu, ‘me e mong oa bona, eo e neng e le moruti oa Molao, a ‘motsa a mo leka, a re: Moruti, taelo e kholo ke efe Molaong na?

Jesu a re ho eena: U tla rata Morena Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle. Ena ke eona taelo e kholo ‘me ea pele. Ea bobeli e ts’oana le eona: U tla rata oa heno joaloka ha u ithata. Molao oohle, ‘moho le Baprofeta o itšetleha ka litaelo tsena tse peli.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Phato 2024

Read Next

Sechaba se nolofalloa ke maeto

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular