Vinkmag ad

La 21 Phato 2024

Beke ea 20 har’a selemo

Sehopotso sa Pius X ea Halalelang, Mopapa

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele.(34,1-11)

“Ke tla pholosa linku matsohong a bona, ha ba sa tla li harola.”

Lentsoe la Morena le ile la mphihlela, la re: Mor’a motho, profetela balisa ba Israele boprofeta bo ba tsoang, u re ho bona: Lona balisa, ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Ho malimabe balisa ba Israele, e leng balisa ba itisang bo-bona! Ha ke re, ke mohlape oo balisa ba tšoanelang ho o lisa?

Athe lona le ja lebese, le apara tsa boea, le hlaba tse nonneng, empa ha le lise mohlape. Ha le matlafatse linku tse fokolang, ha le oke e kulang, ha le tlamise e robehileng, ha le thibe e khelohang, leha e le ho batla e lahlehileng.

Empa le li khanna ka tlhekefetso le ka thata. Li qhalane ke ho hloka molisa li harotsoe ke libatana tsa naha. Linku tsa ka li solla kahohle, lithabeng le maralleng a phahameng, linku tsa ka li qhalane ka bophara ba naha, ho se ea ikhathatsang ka tsona kapa hona ho li batla.

Ka baka leo, lona balisa, mamelang lentsoe la Morena! Ke hlapanya ka bophelo ba ka, ho rialo Morena Molimo. Erekaha linku tsa ka, li hapiloe ‘me li harotsoe ke libatana tsa naha, ka ho hloka molisa; erekaha balisa ba ka ba sa hlokomele linku tsa ka, empa ba itisa bo-bona, ba sa lise mohlape oa ka; ka hoo, lona balisa mamelang lentsoe la Morena !

Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Ke se ke qosa balisa. Ke tla ba batla linku tsa ka, ke ba hanele ho lisa mohlape oa ka. Ka mokhoa ona balisa ha ba sa tla itisa bo-bona, ke tla pholosa linku tsa ka hanong la bona, ha ba sa tla li harola. Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: E s’e le ‘na ka sebele ea tla hlokomela le ea tla batla linku tsa ka.

PESALEMA 22 (1-6. R. 1)

MORENA KE MOLISA OA KA, NKE KE KA HLOKA LETHO.

Morena ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho.

O nkatla makhulong a matalana.

O ntsamaisetsa metsing a khutsitseng,

O matlafatsa bophelo ba ka.

O ntataisa tseleng e nepahetseng

ho tlotlisa lebitso la hae.

Leha nka tsamaea khohlong e lefifi ba lefu

ha ke tšabe bobe bofe kapa bofe.

U ntekela tafole

Ponts’eng ea lira tsa ka,

U ntlotsa hlooho ka oli,

mohope oa ka oa khaphatseha.

Efela lehlohonolo le mohau li tla mphelehetsa

ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka;

ke tla lula ka tlung ea Morena

ha feela ke ntse ke phela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (20, 1-16)

“Na u mona hobane ke le molemo.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: ‘Muso oa Maholimo o tšoana le mong’a ntlo ea ileng a tsoa, e sa le ka meso, ho memela tšimo ea hae ea morara basebetsi. Hoba a lumellane le bona ka moputso oa letsatsi, a ba romela morareng oa hae.

A boela a tsoa, motšeare oa hoseng, a bona ba bang ba emeng lepatlelong, ba sa sebetse letho. Le ho bona a re: E-eang le lona morareng oa ka, ‘me ke tla le neha se lokelang. ‘Me ba ea.

A tsoa hape motšeare o moholo motšeare oa mantisboea, ‘me a etsa ka mokhoa o tšoanang. A tsoa hape mantsiboea, a bona ba bang ba eme feela, ‘me a re ho bona: Ke ka baka la’ng le emeng mona tsatsi lohle le sa sebetse letho na? Ba re ho eena: Ke hobane ha ho motho ea re thotseng. A re ho bona: E-eang le lona morareng oa ka.

 Qetellong ea letsatsi, monga tšimo ea morara a re ho mookameli oa mesebetsi ea hae: Bitsa basebetsi, u ba nehe moputso oa bona, u qale ka ba morao ‘me u qetelle ka ba pele. Eare ha ho e-tla ba mantsiboea, e mong le e mong a fumana moputso oa letsatsi.

Joale, ba fihlileng pele ba tla ba hopola hore ba tla fumana ho feta. Empa e mong le e mong oa bona a fumana moputso oa letsatsi le eena. Ba e amohela ba ntse ba korotlela mong’a ntlo, ba re: Bana ba morao ba sebelitse hora e le ‘ngoe feela, athe u ba lekantse le rona ba jereng boima ba letsatsi lohle le mocheso oa lona.

Empa a araba a re ho e mong oa bona: Motsoalle ha ke u etse hampe. Hleka ha rea lumellana le uena ka moputso oa letsatsi na? Nka seo e leng sa hau u ikele. Ke rata ho fa enoa oa qetello joaloka uena. Ana ha ke na tokelo ea ho etsa seo ke se ratang ka lintho tsa ka na? Kapa u mona hobane ke le molemo na?

Ka mokhoa o joalo, ba morao e tla ba ba pele, ‘me ba pele e tla ba ba morao. Hobane ba bitsitsoeng ba bangata, empa ba khethiloeng ha ba bakae.

Vinkmag ad

Read Previous

Li amohela Molula-Setulo

Read Next

La 22 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular