Vinkmag ad

Li amohela Molula-Setulo

Motlatsi oa Mookameli oa Kopano ea Maoblata Lesotho Fr. Paul Matlosa OMI, o hlahisitse kapel’a Litho tsa Boto ea Kampani ea Mazenod Molula-Setulo e mocha oa Boto e leng Fr. Anthony Makatjane OMI. Tsena li bile meahong ea kampani ka la 20 Phato monongoaha.

Sena se tla kamor’a hore Molula-Setulo oa meheleng, Fr. Paul Katase OMI a itokolle e le hore a tsebe ho tsepamisa maikutlo a hae holima lithuto. Fr. Makatjane o ruta Thuto-Molimo; Mangolo a Halalelang, Seminaring e Kholo ea Augustinus ea Halalelang, Roma. Ho latela lengolo la thomo e tlo ba Molula-Setulo nako ea lilemo tse tharo ho tloha ka la 20 Phato. Litho tsohle li ile tsa mo amohela ka liatla tse peli le ka thabo.

Karolo ea Litho tsa Boto

Ho bile le moeti oa bohlokoa ho hlaha Italy, Rome eo e leng Ramatlotlo oa Kopano ea Maoblata Lefatšeng, Fr. Charles OMI ea etetseng Tikoloho ea Lesotho ka kopo ea Ramaoblata Fr. Sydney Boatile OMI.

Re mo lakaletsa mahlohonolo le katleho thomong ena ea hae e ncha, Morena a mo fe matla le bohlale ho holisa Kampani.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Phato 2024

Read Next

La 21 Phato 2024

One Comment

  • Welcome Fr Makatjane 🙏

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular