Vinkmag ad

Banka e atametsa litšebeletso

Banka ea Standard Lesotho e thakhotse letšolo le lecha la tšebeliso ea lichelete ka marang-rang, moo basebelisi ba banka ba tla reka motlakase, moea le tse ling. Tsena li boletsoe ke Mookameli oa Litšebeletso tsa Banka Rethabile Motsoahae, ka la 5 Phato monongoaha.

O re tebello ke hore baji ba tla sebelisa mokhoa ona khafetsa ba tla ikhapela M300, 000, 00 ha karolo e ‘ngoe e tla hapa koloi. Sena o supile e le mohato oa ho qobisa basebelisi ba banka mela e melele ho fumana lits’ebeletso le ho tsamaea ka chelete matsohong.

Letšolo lena le hlalosoa le kene ts’ebetsong ka la 1 Phato 2024, ‘me le tla fihla pheletsong ka Tšitoe monongoaha, ‘me basebelisi ba tlo etsa tsena ntle le litjeo tsa letho.

Teboho Sello o supile hore baji ba lits’ebeletso tsa banka, ba tla sebelisa karete e putsoa le e silvera, ho romella batho chelete le ho fumana litšebeletso ka marang-rang khafetsa. O re koloi e tla fanoa ha ‘ngoe mafelo a selemo, ha khoeli le khoeli baji ba tla ikhapela thepa ea boleng ba M300, 000.00.

O re sena ke ho kenya moea oa tšebeliso ea marang-rang ho baji ba litšebeletso tsa bona le ho thusa ho matlafatsa phano ea litšebeletso e potlakileng. O re ke nako ea hore Basotho ba ikamahanye le liphetoho haholo nakong ena eo lefatše le fetohetseng mokhoeng oa marang-rang.

Ke hona mona moo ba bang ba basebelisi ba banka ena ba ileng ba fuoa pampiri chelete ea boleng ba M20, 000. 00 motho ka mong ka ho sebelisa marang-rang ho  fumana litšebeletso. Khothaletso ke hore batho bohle ba nke boikarabello litabeng tsa bona tsa lichelete le ho ipapisa le liphetoho tse teng molemong oa ho nolofalloa ke ho litšebeletso.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Phato 2024

Read Next

La 10 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular