Vinkmag ad

La 16 Phupu 2024

Beke ea 15 har’a selemo

Labobeli

 Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (7, 1-9)

“Ha le se na botšepehi bo tiileng, le ke ke la ema le tiile.”

E ne e le mehleng ea Akhaze, mor’a Jothame, mor’a Ozia khosi ea Juda, ha Resine khosi ea Arame, le Pekakhe, mor’a Remalia, khosi ea Israele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitoa ho e hapa. Eitse ha ba ntlo ea Davida ba tlaleheloa hore ba-Arame ba se ba larile naheng ea Efraime, pelo ea khosi le ea sechaba ea tsokotseha, joaloka lifate tsa moru ha li tsokotsoa ke moea.

Morena a re ho Isaia: “Tsa m’o khahlanyetsa Akhaze, u ee le mor’a hau Sheare-Jashube, moo foro ea letamo le kaholimo e fellang teng, tseleng e eang tšimong ea Sehlatsoi sa liphahlo. U re ho eena: Hlokomela, u se khathatsehe ‘me u se tšosoe ke letho: se nyahamisoe pelo ke lirumula tsena tse peli tse kubellang, bohale bo tukang ba Resine le ba-Arame ba hae ‘moho le bohale ba mor’a Remalia. Ba-Arame, ‘moho le ba- Efraime le mor’a Remalia, ba le rerile ba re;

“A re futuheleng Juda, re e harasoanye, re ikhapele eona, re behe mora Tabeele khosi ea teng. Empa Morena Molimo eena o bolela joana: Hona ho ke ke ha etsahala, ha se ntho e ka bang teng. Motse oa moreneng oa Aroke Damaseka, morena oa Damaseka ke Resine; motse oa moreneng oa Efraime ke Samaria, morena oa Samaria ke mor’a Remalia. Empa ka mor’a lemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano Efraime e tla ripitloa, ha e sa tla ba sechaba. Ha le se na botšepehi bo tiileng, le ke ke la ema le tiile.”

PESALEMA 47 (2-4.5-6.7-8. R. 9)

MOLIMO O TIISA MOTSE OA HAE KAMEHLA

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso e kholo.

motseng oa Molimo oa rona.

Thaba e halalelang ea hae e phahame

hamonatjana, ke thabo ea lefatše lohle.

Thaba ea Sione, e ntlheng e ka Leboea,

ke motse oa Khosi e kholo.

Molimo ea ahileng matlung a borena moo

o ipontšitse e le qhobosheane.

Hobane marena a kile a utloana:

a futuha a le ‘moho.

Empa hang h’a bona motse, a hlolloa,

a ferekana, a baleha.

A sa le moo, a qala ho thothomela,

joaloka mosali bohlokong ba pelehi,

joaloka likepe tsa Tarshishe

mohla li rojoang ke moea oa Bochabela.

Ho baloa Evangeling e halalelange ngotsoeng ke Matheus. (11, 20-24)

“Ka letsatsi la kahlolo litaba tsa naha ea Sodoma li tla ba bobebe ho feta tsa lona.”

Ka nako eo, Jesu a qala ho nyatsa metse eo a neng a entse mehlolo e mengata ho eona, ka hobane e sa ka ea sokoloha. A re: U malimabe, Korazine! U malimabe, Bethasaida! Hobane hoja mehlolo e ileng ea etsahala ka hare ho lona e ile ea etsoa Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba ile ba baka khale ba apere lesela le mahoashe, ba itlotsitse ka molora. Athe, kea le bolella, ka letsatsi la kahlolo, litaba tsa Tire le Sidone li tla ho bobebe ho feta tsa lona.

Le uena Kafarnauma, ebe u tla phahamisetsoa leholimong na? U tla tetebella liheleng. Hobane hoja mehlolo e ileng ea etsahala ka hare ho uena e ile ea etsoa Sodoma, Sodoma e ka be e sa le teng le kajeno. Athe, kea le bolella, ka letsatsi la kahlolo litaba tsa naha ea Sodoma li tla ba bobebe ho feta tsa hao.

Vinkmag ad

Read Previous

Bokoetlisi bo hloka mamello

Read Next

La 17 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular