Vinkmag ad

Bokoetlisi bo hloka mamello

Koranta e bile le puisano le e mong oa bakoetlisi ba ntseng ba hola papaling ena ea bolo ea maoto kahar’a Naha ea Lesotho. Ke e mong oa ba qalileng bokoetlisi ka mokhoa o thata haholo ho latela mesebetsi e neng e mo apere nakong ea ho qala. Empa ha joale o se a ka hlahella bakoetlising ba seng ba e-na le boiphelelo leha ba sa ka ba eloa hloko. Mokoetlisi Ntlaloe o ikotla sefuba ka ho ba le sebapali se hapang likhau tse peli moketjaneng o sa tsoa feta oa likhau tsa Vodacom.

Tšusumetso eo mokoetlisi Ntlaloe a bileng le eona hore a qetelle a khahloa ke bokoetlisi

Esale ke rata bolo leha ke sa e bapala haholo empa ha ke fihla LUCT team e neng e bapala LUCSA games ba ne bakope hore ke il’o ba thusa sehlopheng sa sekolo, eaba ke se ke rata ho ba mokoetlisi haholo ka morao hore re sebetse hantle le eona re nke mohope makhetlo a mararo ka ho latellana.

Mekhoa ea mokoetlisi ho ka bopa kapa ho otla libapali tsa hae tse nyenyane kahar’a sehlopha

Mekhoa e ka ba mengata eo rona re le bakoetlisi eo re e sebelisang ho aha sebapali, haholo se se senyenyane lilemong, empa ‘na ke na le mokhoa oo ke o ratang haholo oa ho bona hore sebapali se qala pele ka hoba e boitelo. Sena se tlisa hore sebapali seo se ikutloe se amohelehile papaling ea bolo le kahar’a sehlopha sa rona. Hape se nthusa hore sebapali se be le tjantjello ea ho rata ho ba teng boikoetlisong ba letsatsi le letsatsi. Ebe ha morao, ke sebetsana le litaba tsa mantlha tsa bolo joaloka ho lokisa mokhoa oa ho amohela bolo ho tsoa ho sebapali sa habo, le mokhoa o nepahetseng oa neheletsa oa habo (basics). Joale ea ho qetela ebile e le bohlokoa keho khothatsa libapali tseo tse nyenyane le ho khothaletsa libapali tse kholo ho ba ts’ehetsa ba sa ba tenehele kapa hona ho ba tlaka kahar’a papali. Ana ke maoala ao ke boneng a nts’ebeletsa haholo.

Likatleho

Ho bile le linako tse bileng monate haholo sehlopheng sa ka, ‘me nka qolla ha sehlopha se ne se qala ho bapala lipapali tsa liki ea A Division, ‘me moo re ile ra tsoa boemong ba bobeli e le selemo sa rona sa pele. Hape re ile ra fumana metsotso ea nyakallo ha re ne re atleha ho kena Liking e Kholo ea Vodacom lekhetlo la pele nalaneng ea sehlopha; kamor’a ho li paputla liking e ka tlasana. Ke bolela hore re fihlile mona ka ho sebetsa ka thata, re sa ka ra reka boemo ba sehlopha sefe kapa sefe. Ke qetella ka motsotso o sa tsoa feta moo mohlaba-lintlha oa sehlopha, Lemohang Lintša, a neng a nka khau ea ho ba mohlaba-lintlha ea hloahloa selemong sena se sa tsoa fela sa lipapali. Sena se bontšitse boikitlaetso bo boholo ba mohlankana ka tšehetso ea sehlopha ka kakaretso.

Karolelano ea mosebetsi oa sekolo le oa bokoetlisi

Taba ea ho sebetsa mosebetsi o kang ona oa ka joale ke o kopanya le oa bokoetlisi ha se ntho e bonolo, haholo ona oa bokoetlisi ke ‘ona o neng o batla o le boima hobane ke ne ke sebetsa ke le mong likarolong tse ‘maloa tsa sehlopha. Lehlohonolo leo ke bileng le lona feela ke hore sehlopha sa ka se ne se sa ntšokulise ho hang, sena se ne se etsa hore mosebetsi oa ka o be bobebe le hore ke shebane le oa mathomo o mpehileng kahar’a sekolo sa mahlale.

Maqheka le maoala ao mokoetlisi a sebelisitseng ho thusa mohlaba-lintlha Lintša

Ntho e kholo ebile hore a tsebe hore joaloka sehleng ea pele ha re sa le ho ‘A division’ h’a nka khau ea ho ba mohlaba-lintlha le selemong sena ho na le khonahalo ea hore a ka iphumana a nkile khau eo. Joalokaha ke mo tseba hore ke sebapali se sebetsang kathata, seo ke neng ke se etsa joalo ka ba bang ba libapali tsa ka, ke ho mo fa khothatso ka linako tsohle. Boholo ba nako re ne re batlana le maqheka a hore a hlabe ntlha papaling e ‘ngoe le e ‘ngoe, leha ho sa phethahala. Empa o ile a sebetsa ka thata hore a fihle moo a leng teng kajeno, ‘me sehlopha se motlotlo ka seo a se fihletseng.

Seo mokoetlisi a se etsang ho kenya boitšoaro le bonngoe sehlopheng sa hae

Re na le lehlohonolo la hore sehlopha sa rona se na le libapali tse holileng haholo papaling ena ea bolo ea maoto, ba thusa haholo ho shebana le boitšoaro ba libapali nako eohle.  Ka hona ho ba bobebe hore re etse mosebetsi oa hore ba itšoare hantle hobane ba se ntse ba laolana e le libapali. Leqobo lena la libapali tseo re nang le tsona le batla le etsa hore lintho tse ngata tseo re ralileng ho li etsa, li etsahala ka nako e khutšoane hobane ba batla ba re khahlametsa haholo ntlheng eona ea boitšoaro. Ka hona sena se etsa hore sehlopha se be le chebelopele e tšoanang ka nako eohle. Bonngoe boo re nang le bona bo bapala karolo e kholohali hobane e le libapali, ba thusana ho ka khalemelana le pele taba e ka fihla ho rona joaloka bakoetlisi.

Mosebetsi oa sekolo

Ke Director Quality Assurance and Academic Delivery ka hona ke sebetsana le mesebetsi e tomahali joaloka ho bona hore manane-thuto a rutoang sekolong a ntse a nepahetse ho latela meralo ea sekolo, le hore e rutoa ka tsela e nepahetseng. Ho feta mona ke boikarabello ba ka ho etsa bonnete ba hore litichere le baithuti ba sireletsehile ho etsa mesebetsi ea bona ho se tšitiso ea letho. Joale e ‘ngoe ke ena ea ho akofisa kapa hona ho etsa bonnete ba hore ho ba le academic calendar of event. Hore sekolo se hole, ho hlokahala hore ho amoheloe baithuti ba bacha, ‘me sena ke e meng ea mesebetsi ea ka eo ke lokelang ke etse ka bokhabane bo boholo. Ka mokhoa o tšoanang, sephetho sa lihlahlobo tsa baithuti se tlameha ho etsoa ka nako e nepahetseng ho latela meralo. Ke thatiseletse ka e meng ea mesebetsi ea ka e leng ho etsa bonnete ba hore manane-thuto (programme) a sekolo a fumana ‘accreditation’ ka nako e nepahetseng e le ho akofisa kapa hona ho eketsa manane-thuto a sekolo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Phupu 2024

Read Next

La 16 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular