Vinkmag ad

La 10 Phupu 2024

Beke ea 14 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Hosea. (10, 1-3.7-8.12)

“Ke nako ea ho batla Morena.”

Israele ke morara o phatlallelang hole, o beha haholo. Ha tholoana tsa hae li ntse li eketseha, ke moo a eketsang le lialetare tsa hae. Ha mobu oa hae o nts’o ba motle, ke moo a ntlafatsang lifika tsa melimo ea hae. Ba pelo peli; joale ba tla jara kotlo. Morena o tla heletsa lialetare tsa bona, a lihe lifika tsa melimo ea bona.

Ke moo ba tla re: “Ha re sa na khosi, hobane ha rea ka ra tšaba Morena.” Hona khosi e ka re etsetsa’ng? Khosi ea Samaria e tla nyamela joaloka lekoeba holim’a metsi.

Liqalo tse phahameng tsa melimo ea bohata li tla felisoa, e leng tsona sebe sa Israele; meutloa le tšehlo li tla mela le holim’a lialetare tsa tsona. Ba tla re ho lithaba: “Re koaheleng!” Le ho maralla: “Re oeleng holimo!”

Itjalleng toka, le tle le kotule mohau. Le khathe thite, hobane ke nako ea ho batla Morena ho fihlela a e-tla ho le nesetsa pula e lokelang.

PESALEMA 104 (2-34-6.6-7. B. 4)

THAHASELLANG SEFAHLEHO SA MORENA HO SE KHAOTSO.

Mo bineleng, le mo roke,

le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,

lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.

Batlang Morena le matla a hae.

thahasellang sefahleho sa hae ho se khaotso.

Se lebaleng tse tsotehang tseo a li entseng,

limakatso tsa hae

le likahlolo tse tsoang molomong oa hae.

Lona, lesika la Abrahama, mohlanka oa hae,

lona, bana bạ Jakobo, mokhethuoa oa hae.

Ke eena Morena, Molimo oa rona,

likahlolo tsa hae li aparela lefatše.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10, 1-7)

“Le ee linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea lsraele.”

Ka nako eo, Jesu a bitsa barutuoa ba hae ba leshome le metso e ‘meli, a ba neha matla holim’a meea e litšila hore ba tle ba e leleke, ba folise maloetse ‘ohle le bofokoli bohle. Mabitso a baapostola ba leshome le metso e ‘meli ke ana: oa pele ke Simone ea bitsoang Peterosi, le Andreas ngoan’abo; Jakobo, mor’a Zebedea, le Joannes ngoan’abo; Filippi le Bartholome; Thomas le mokhafisi Matheus; Jakobo, mor’a Alfea, le Thaddea; Simone Mokanana le Judase Iskariota, ea bileng a mo eka.

Ba leshome le metso e ‘meli bana, Jesu a ba roma, a ba laela, a re; Le se ke la tsamaea ka tsela e isang ho bạhetene, ‘me le se ke la kena motseng ofe kapa ofe oa Basamaria: le mpe le ee linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Israele. Ereha le ntse le-ea, le rute, le re: ‘Muso oa maholimo o se o le haufi!

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Phupu 2024

Read Next

La 11 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular