Vinkmag ad

La 8 Phupu 2024

Beke 14 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Hosea. (2, 14.15-16.19-20)

“Ke tla inyalla uena ho isa khale.”

Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Ke tla isa Israele feelleng, ke bue tse mo hlatsoang pelo. Moo a tla nkaraba joaloka ha a sa le mocha, joaloka mohla a tsoang lefatšeng la Egepeta.

Ke tla inyalla uena ho isa khale. Ke inyalle uena ka tšoanelo le ka toka, ka lerato le ka mohau. Ke inyalle uena ka botšepehi, hore u tle u tsebe Morena.

PESALEMA 144 (2-3.4-5.6-7.8-9 R. 8)

MORENA O MOHAU, O MOSA.

Ke tla u boka ka matsatsi ‘ohle,

ke rorise lebitso la hao ka mehla le mehla.

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso eohle,

boholo ba hae bo sitoa ho lekanngoa.

Moloko o thoholetse moloko o tlang, mesebetsi ea hao,

o tumise liketso tsa matla a hao.

Ke tla inahana ka khanya ea botlotlehi ba hao

le ka liketso tse tsotehang tsa hao.

Morena o mohau, o mosa,

o lieha ho halefa, o mehauhelo e mengata.

Morena o molemo ho bohle,

o hauhela mesebetsi eohle ea hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (9, 18-26)

“Morali oa ka o qeta ho hlokahala, leha ho le joalo, tloho, ‘me o tla phela.”

Ka nako eo, ha Jesu a nts’a bua, ha be ho e-tla morenana e mong, a mo khumamela, a re: Morali oa ka o qeta ho hlokahala: leha ho le joalo, tloho, u ‘mehe letsoho, ‘me o tla phela. Jesu a ema, a mo sala morao le barutuoa ba hae.

Eaba mosali e mong, eo e neng e se e le lilemo tse leshome le metso e ‘meli, a tšoenngoa ke phallo ea mali, a pota kamorao ho Jesu, a ama qola ea kobo ea hae; hobane o ne a re ka pelong: Ha nka mpa ka ama kobo ea hae, ke tla fola. Jesu a reteleha, ‘me h’a ‘mona, a re: U khothahale, morali, tumelo ea hao e u pholositse. Mosali eo a fola ho tloha motsotsong oona oo.

Ha Jesu a fihla ha morenana, ‘me a bona baletsi ba makolilo le letšoele le tlatsang lerata, a re: Suthang, hobane ngoanana h’a shoa, o mpa a robetse. Bohle ba mo tlepa litšeho. Eare ha letšoele le ntšelitsoe kantle, Jesu a kena, a tšoara ngoanana ka letsoho, ‘me a re ho eena ema. Botumo ba taba eo ba anela naha eo kaofela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Phupu 2024

Read Next

La 9 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular