Vinkmag ad

La 1 Phupu 2024

Beke ea 13 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Amose. (2,6-10.13-16)

“Ba hatakela hlooho tsa mafutsana fatše.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Ka baka la litlolo tse tharo kapa tse ‘ne tsa Israele, nke ke ka fetola kahlolo ea ka: ka hobane ba rekisa ea lokileng chelete, le mohloki ba mo rekisa meqathatso, ba hatakela hlooho tsa mafutsana fatše, ba qhelela ba eisehang thoko le tsela ea bona; motho o kopanela nyatsi le ntat’ae ‘me ba tlontlolla lebitso le halalelang la ka; ba robala pel’a lialetare tsohle ka likobo tse behiloeng paneng; le veine eo ba e fumaneng ka ho lefisa batho, ba e noella Tlung ea Molimo oa bona.

Athe ke ‘na ea ileng a timetsa ka pel’a bona ba-Amore ba neng ba le balelele joaloka lifate tsa likedare, ba le matla joaloka lifate tsa lieike; ka ba timetsa ho tloha motsong ho ea tsoa tholoaneng e kaholimo. Hape ke ‘na ea ileng a le ntša Naheng ea Egepeta, ka le tsamaisa feelleng lilemo tse mashome a mane, le tle le e’o rua naha ea ba-Amore.

Hlokomelang, ke tla le tsetela fatše, joaloka ha koloi e tletseng mangata e tsetela fatše. Esita le ea lebelo a ke ke a baleha, ea matla a ke ke a setlela, le mohale a ke ke a pholosa bophelo ba hae. Sebetsi sa seqha se ke ke sa tšoarella, ea maoto a bobebe a ke ke a phonyoha, sepalami se ke ke sa pholosa bophelo ba sona; ‘me tsatsing leo, mohale oa bahale o tla baleha a le feela, ho rialo Morena.

PESALEMA 49 (16-17.18-19, 20-21.22-23. R. 22)

UTLOISISANG TSE BOLETSOENG, LONA BA SA NATSENG MOLIMO.

U na le tokelo efe ea ho bolela melao ea ka,

le ea ho bolelisa selekane sa ka ka molomo oa hao,

uena ea hloileng khalemo,

ea furallang lipolelo tsa ka?

Ha u bona lesholu, u matha le lona;

u khema le bafebi.

U katile lehano la hao lonya,

‘me leleme la hao le qapa mashano.

U luletse ho etseletsa ngoan’eno,

u senya ngoan’a ‘m’ao lebitso.

U nts’u etsa tjee, ebe u re nka thola?

U hopola hore ke tšoana le uena?

Lona ba sa natseng Molimo, utloisisang tse boletsoeng,

ho seng joalo ke tla le tsenkolla ho se ea le namolelang.

Ea ‘nyehelang sehlabelo sa teboho oa ntlhompha,

ea tsamaeang tseleng ea ‘nete

ke tla ‘montša pholoho ea Molimo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8, 18-22)

“Ntatele.”

Ka nako eo, ha Jesu a bona letšoele le mo teetse hare, a laela hore ho tšeleloe ka mose oane. Eaba mongoli e mong o tla ho eena, o re: Moruti, ke tla ea le uena kae le kae moo u eang.

Jesu a araba a re ho eena: Liphokojoe li na le mekoti, le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha; ha e le Mor’a motho, eena ha a na moo a ka samelang hlooho ea hae teng. Joale e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: Morena, ak’u ntumelle ho ea pata ntate pele.

Jesu a re ho eena: Ntatele, u lese bafu ba pate bafu ba bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Phupjane 2024

Read Next

La 2 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular