Vinkmag ad

La 27 Phupjane 2024

Beke ea 12 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (24,8-17)

“Jehoiakine le bahale bohle ba isoa kholehong Babilone ke Khosi ea Babilone.”

Jehoiakine o n’a le lilemo li leshome le metso e robeli, ha a qala ho busa. A busa khoeli tse tharo Jerusalema. Lebitso la ‘m’ae e n’e le Nehushtha, morali oa Elnathane oa Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Molimo, a etsisa ntat’ae hantle.

Nakong eo, mabotho a Nebukadnezare, khosi ea Babilone, a futuhela Jerusalema, ‘me a lika-liketsa motse. Le eena Nebukadnezare, khosi ea Babilone, a fihla ho futuhela motse, e le ha mabotho a hae a ntse a o lika-likelitse. Eaba Jehoiakine, khosi ea Juda, oa tsoa, o inehela ho khosi ea Babilone; e n’e le eena, ‘m’ae, bahlanka ba hae, mahosana le matona a hae. Khosi ea Babilone ea mo kenya litlamong ka selemo sa borobeli sa puso ea eona.

Nebukadnezare a ikhapela matlotlo ‘ohle a Tempele ea Morena, le matlotlo a ntlo ea khosi. A pshatla lintho tsohle tsa gauda tseo Salomone, khosi ea Israele, a neng a li etselitse sehalalelo sa Morena.

Ka tsela ena ha phethahala seo Morena a neng a se boletse e sa le pele. A isa Jerusalema eohle kholehong, mahosana le bahale bohle, e le ba likete tse leshome ba isoang kholehong, ha ho balelloa le litei, le malala. Ha sala feela sechaba sa mafutsana. A isa Jehoiakine Babilone. ‘M’a khosi le basali ba eona, matona le mahosana a eona, bohle a ba tlosa Jerusalema a ba isa kholehong Babilone.

Batho bohle ba phahameng, ba likete li supileng, litei le malala a sekete, bohle ba tsebang ho tšoara lihlomo, ba isoa kholehong Babilone ke khosi ea Babilone.

Sebakeng sa Jehoiakine, khosi ea Babilone ea beha rangoan’ae Mattania khosi ‘me ea mo reha lebitso le lecha la Tsedekia.

PESALEMA 78 (1-2.3-5.8.9. R. 9)

U RE LOPOLLE, MORENA, ‘ME U RE TšOARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAO.

Molimo, lichaba li ikakhetse lefeng la hao,

li silafalitse tempele e halalelang ea hao,

li fetotse Jerusalema lesupi.

Li fepile linonyana tsa leholimo

ka litopo tsa bahlanka ba hao,  

le libatana tsa naha ka ‘mele ea metsoalle ea hao.

Li tšolotse mali a bona joaloka metsi

ka ‘nqa tsohle tsa Jerusalema, ho se ea ba epelang.

Morena, u tla halefa ho fihlela neng,

na poulelo ea hao e tla kekela

joaloka mollo ho-ea-ho-ile?

Se re balle melato ea bo-ntat’a rona, u mpo potlakele

ho re khahlametsa ka mehauhelo ea hao.

hobane re kokobelitsoe hampe.

Ak’u re thuse, Molimo, mopholosi oa rona,

ho tlotlisa lebitso la hao.

U re lopolle ‘me u re tšoarele libe tsa rona

ka lebaka la lebitso la hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7,21-29)

“Ntlo e ahiloeng holim’a letlapa le ntlo e ahiloeng lehlabatheng.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha se ka ho re Morena, Morena, ho tla kenoa ‘musong oa maholimo, empa ho tla kenoa ka ho etsa thato ea Ntate ea maholimong. Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho ‘na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso ka lebitso la hao? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata-ngata ka lebitso la hao?

Mohlang oo ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le khale: tlohang ho ‘na, lona ba etsang bokhopo.

Ha ho le joalo, mang le mang ea utloang mantsoe ana a ka, ‘me a a phetha, o tla tšoantšoa ka monna ea bohlale, ea ahileng ntlo ea hae holim’a letlapa. Pula ea na, liphororo tsa matha, meea ea foka, ‘me ea khahlela ntlo eo; empa ha ea ka ea oa; hobane e ne e thehiloe holim’a letlapa.

Athe mang le mang ea utloang mantsoe ana a ka, ‘me a sa a phethe, o tla tšoantšoa ka monna ea sethoto, ea ahileng ntlo ea hae lehlabatheng. Pula ea na, liphororo tsa matha, meea ea foka, ‘me ea tsukutla ntlo eo, eaba ea oa, ‘me ho oa ha eona ea e-ba ntho e tšabehang.

Eitse ha Jesu a se a qetile lipolelo tseo, matšoele a tsota thuto ea hae: hobane o ne a ba ruta joaloka ea nang le matla, e seng joaloka bangoli ba bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 26 Phupjane 2024

Read Next

La 28 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular