Vinkmag ad

La 26 Phupjane 2024

Beke ea 12 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (22,8-13;23,1-3)

“Khosi ea bala taba tsohle tsa buka ea selekane e fumanoeng ka Tlung ea Morena, ‘me ea hlaba selekane pontšeng ea Morena.”

Matsatsing ao, Hilkia, moprista e moholo, a re ho Shafane, mongoli: Ke fumane buka ea molao ka Tempeleng ea Morena. Hilkia a neha Shafane buka ‘me eo a e bala. Shafane, mongoli, a tla ho khosi, a e isetsa litaba, a re: Bahlanka ba hao ba qhibilihisitse lichelete tsa silvera tse neng li le ka Tempeleng, ‘me ba li behile matsohong a ba laolang mesebetsi ea Ntlo ea Morena.

Shafane, mongoli, a nt’o tsebisa khosi, a re: Moprista Hilkia o ‘nehile buka ena. Ebile moo Shafane a e balang pel’a khosi. Eitse hoba khosi e utloe taba tse bukeng ea Molao, ea tabola liaparo tsa eona. Eaba khosi e laela moprista Hilkia, le Ahikame, mor’a Shafane le Akbore, mor’a Mikaia, le Shafane mongoli le Asei, mohlanka oa khosi e re:

E-eang, le mpotsetse Morena, le botsetse le sechaha le Juda eohle, holim’a litaba tsa buka ena e tsoa fumanoa; etsoe Morena o re halefetse hampe ka baka la hobane bo-ntat’a rona ha ba ka ba mamela litaba tsa buka ena ‘me ha ba ka ba latela tsohle tse ngotsoeng ho eona. Khosi ea epa pitso ea baholo bohle ba Juda le Jerusalema. Khosi ea nyolohela Tlung ea Morena, eona le banna bohle ba Juda, le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista le baprofeta, le sechaba sohle, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo. A bala, moo bohle ba mametseng taba tsohle tsa buka ea selekane e fumanoeng ka Tlung ea Morena.

Khosi ea ema pel’a tšiea, ea hlaba selekane pontšeng ea Morena sa ho latela Morena, le ho boloka melao ea hae, litemoso le litaelo tsa hae, ka pelo eohle le ka moea oohle, le ho phethisa tsohle tsa selekane tse ngotsoeng bukeng eo. Le sona sechaba sohle sa lumellana le selekane seo.

PESALEMA 118 (33.34.35.36.37.40. R. 33)

MORENA NTHUTE HO TSAMAEA KA THATO EA HAO.

Morena, nthute ho tsamaea ka thato ea hao,

ke tle ke e latele ho isa qetellong.

Mphe kutloisiso, ke tle ke latele Molao oa hao,

ke o boloke ka pelo ea ka eohle.

Ntataise tseleng ea melao ea hao,

hobane e nkhahlile,

Sekamisetsa pelo ea ka litemosong tsa hao,

e seng takatsong ea maruo.

Faposa mahlo a ka nthong tsa mafeela-feelane,

u mphelise ka lentsoe la hao.

Ke hlolohetsoe litaelo tsa hao hampe,

u mphelise ka toka ea hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7,15-20)

“Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Hlokomelang baprofeta ba leshano, ba tlang ho lona ba le lekokong la nku, empa kahare e le liphiri tse harasoanyang. Le tla ba tseba ka liketso tsa bona. Na ekaba ho ke ho kholoe merara meutloeng, kapa lifeiga tšehlong? Ka mokhoa o joalo, sefate sefe kapa sefe se setle se beha litholoana tse monate, sefate se sebe sona se beha litholoana tse mpe. Sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse mpe, le sefate se sebe ho beha litholoana tse monate. Sefate sefe kapa sefe se sa beheng litholoana tse monate se ee se rengoe, se lahleloe mollong. Ka hona le tla ba tseba ka liketso tsa bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 Phupjane 2024

Read Next

La 27 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular