Vinkmag ad

Motlotlehi o bula lebota la nalane

Motlotlehi Letsie III o re esale sechaba sa Basotho se theoa lilemong tse 200 tse fetileng, se ntse se tobane le liqholotso tse ngata tse amang bochaba le seriti sa sona.  Tsena li hlaheletse puong ea hae ha bula, lebota la nalane ea Basotho setsing sa Mabenkele sa Pioneer Mall, ka la 22 Phupjane monongoaha

O re lebota lena le ahiloeng ke mafapha a fapakaneng ke sesupo sa kopano le matla a Basotho, nalane e tla ruta, e tsosolose le ho kopanya sechaba  lilemong tse tlang. A re le tla boela le ruta bahahlauli ka nalane ea Lesotho, ho fana ka thuto ho sechaba haholo bana e le hore ba tsebe moo ba tlohang teng.

Letona la lipapali le Bochaba, Mohlomphehi Motlatsi Maqelepo, o supile hore lebota lena la nalane ke ketsahalo ea bohlokoa kaha monongoaha sechaba sa Basotho se tla keteka lilemo tse 200 se thehiloe. A re sebaka sena e tla boela e ba  se seng sa libaka tse tla hohela bohahlauli ka litaba tsa Naha ea Lesotho le bophelo ba bona.

A tsoelapele hore hoo ho tla thusa ho fana ka thuto sechabeng, ka nako tsohle hore nalane e tsejoe, ho holisa bana ba itseba le ho bona litaba tsa habo bona li tsejoa mafats’eng a mang. O re ke nako ea hore Basotho ba tsebahale ka lineo tsa bona mafats’eng, ho boele ho ntlafatsoe le mekhoa ea bohahlaoli litsing tsohle tse ka bolokang nalane.

H’a phethela o ipilelitse ho bacha le Basotho ho boloka nalane e phela libakeng tsohle molemong oa hore Naha ea Lesotho e tsoelepele. A re ba ikemiselitse ho keteka selemo sena ka mekhahlelo eohle ea sechaba, boqapi le kholo ea bohahlaoli molemong oa ntlafalo ea moruo oa naha.

E mong oa bahlophisi ba lebota lena Kalosi Ramakhula, o supile hore morero oa pulo ea lebota lena ke o mong oa mehato ea nalane kahar’a Naha ea Lesotho, e bonts’ang kopano ea sechaba le phethahatso.

O re hona e tla ba sets’oants’o se thusang hore sechaba se ithute nalane ea Basotho le leeto la bona. A re batsoali ba nke boikarabello ba ho bona hore bana ba tseba nalane hore re be le sechaba se itsebang.

H’a phethela o itse nalane ke motheo o motle oa bokamoso ba sechaba, se itsebang, se iqenehelang, se ipolokang, se etsang liqeto se shebile bophelo ba sona. O re ho hetla morao kamehla ke taba e kholo e thusang khahong e nepahetseng ea sechaba.

Vinkmag ad

Read Previous

Reviving Health Naturally

Read Next

La 25 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular