Vinkmag ad

La 24 Phupjane 2024

MOKETE OA Tsoalo ea Joannes Mohlatsoi ea halalelang

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (49,1-6)

“Ke tla u etsa leseli la lichaba, pholoho ea ka e tle e fihlele lipheletso tsa lefatše.”

Lona lihleke-hleke, ‘mameleng: le thehe tsebe, lona merabe e hole-hole! Morena o mpitsitse ho tloha ha ke hlaha, a ntseba ka lebitso ke sa le popelong ea ‘m’e. O nehile molomo oa ka bohale ba sabole, a ntšireletsa ka moriti oa letsoho la hae. O nteolitse joaloka motsu oa seqha, a mpata khohlopong ea hae.

A re ho ‘na: “U mohlanka oa ka, uena Israele, eo ke tla ithorisa ka eena.” Ha e le ‘na ka re: “Ke sebelelitse lelea, ke qetile matla a ka feela, ho se thuso ea letho.” Leha ho le joalo, ke tla phetetsoa ke Morena ke putsoe ke Molimo oa ka. Ke lokeloa ke tlhompho pontšeng ea Morena, Molimo oa ka ke matla a ka.

Joale Morena o buile, eena ea nkoetlisitseng ke sa le popelong ea ‘m’e, hore ke be mohlanka oa hae, ke tle ke khutlisetse Jakobo ho eena, Israele a phuthehele ho eena. A re: “Ha hoa lekana ho uena, u le mohlanka oa ka, ho tsosa meloko ea Jakobo le ho khutlisa ba phonyohileng ba Israele. Ke tla u etsa leseli la lichaba, pholoho ea ka e tle e fihlele lipheletso tsa lefatše.”

Pesalema 138 (1-3.13-15 R. 14)

KEA U BOKA KA BAKA LA LIMAKATSO TSA HAO.

Morena, u ntlhahlobile ‘me ua ntseba,

u tseba leha ke lutse kapa ke eme,

u bona mehopolo ea ka

U lekantse linako tsa ka tsa ho tsamaea le ho phomola,

u tsebisisa litsela tsohle tsa ka.

Ke uena ea bopileng litho tsa bokahare ba ka,

ua li kopanya ke sa le popelong ea ‘m’e.

Kea u boka ka limakatso tsa hao,

mesebetsi ea hao ea tsoteha.

U tsebile moea oa ka ka ho tlala,

masapo a ka ha a ka a pateha ho uena,

ha ke ne ke ntse ke bopjoa sephiring,

ke ahuoa litho botebong ba lefatše.

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (13,22-26)

“Pele Jesu a e-tla Joannes o ile a ruta sechaba.”

Matsatsing ao, Paulosi a re: Lesikeng la Davida Molimo o hlahiselitse Israele mopholosi e leng Jesu, ka ho ea ka pallo ea hae. Pele Jesu a e-tla, Joannes o ile a ruta sechaba sohle sa Israele hlatsuo e bontšang pako.

Eitse ha Joannes a atamela pheletso ea bophelo ba hae, a re: Ha ke eo le hopolang hore ke eena; empa ka morao ho ‘na ho tla tla eo ke sa tšoaneleng ho mo lokolla meqathatso maotong.

Banna ba heso, lona ba leloko la Abrahama, le lona bohle ba leng teng mona ba tšabang Molimo, ke ho lona molaetsa ona oa pholoho o rometsoeng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1,57-66.80)

“Joannes ke lebitso la hae.”

Nako ea Elisabetha ea ho itšihlolla ha e se e fihlile, a beleha mora. Baahisane le bang ka eena, ha ba utloa hore Morena o bonahalitse mohau oa hae ho eena, ba tla ho mo lebohela.

Ha etsahala hore, ka letsatsi la boroba meno e ‘meli, ba tle ho tla bolotsa ngoana. Ba ne ba batla mo rehella ka ntat’ae Zakaria. Empa ‘m’ae a araba, a re: Che! O tla bitsoa Joannes. Ba re ho eena: Ha ho motho lelokong la heno ea bitsoang joalo.

Eaba ba tšoantšetsa ntat’ae hore na a ka rata hore a bitsoe mang. Eena a kopa letlapa, a ngola. A re: Joannes ke lebitso la hae! ‘Me bohle ba makala

Hang molomo oa hae oa buleha, leleme la hae la lokoloha, ‘me o n’a bua, a boka Molimo. Ke moo baahisane bohle ba ileng ba tšoaroa ke tšabo, ‘me litaba tseo kaofela tsa phatlalla hohle maloting a Judea, Bohle ba neng ba li utloa ba ipolokela tsona ka lipelong tsa bona, ba re: Ekaba ngoana eo e tla ba eng na? Efela letsoho la Morena le ne le le ho eena.

‘Me ngoana o n’a hola, a matlafala moeeng: ‘me o n’a lula mafeelleng ho fihlela letsatsi la tlhahiso ea hae ho Israele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Phupjane 2024

Read Next

Reviving Health Naturally

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular