Vinkmag ad

La 21 Phupjane 2024

Beke ea 11 e har’a selemo.

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (11,1-4.9-18.20)

“Ba tlotsa Joashe, Ba re: Khosi e re phelele.”

Matsatsing ao, ha Athalia, ‘m’a Ahazia, a bona hore mor’a hae o shoele, a qala ho timetsa bohle ba leloko la borena. Empa Jehosheba, morali oa khosi Jorame, khaitseli ea Ahazia, a nka Joashe, mor’a Ahazia, a mo thobisa har’a bana ba khosi ha ba ne ba bolaoa, a mo pata kamoreng ea boroko ‘moho le moholisi oa hae. Ka tsela ena a pateloa Athalia, ‘me ha a ka a bolaoa.

Joashe a qeta lilemo tse tšeletseng, a nts’a patuoe le moholisi Tempeleng ea Morena, ha Athalia a nts’a busa naha. Ka selemo sa bosupa, Jehojada a laela hore ho latoe balaoli ba makholo ba Ba-Karia le ba balebeli. Ba tlisoa ho eena ka Tlung ea Morena. A hlaba selekane, le bona, a ba hlapantša ka Tlung ea Morena, a nt’o ba bontša mor’a khosi.

Balaoli ba makholo ba phetha tsohle tseo moprista Jehojada a ba laetseng tsona. E mong le e mong a tla le batho ba hae, leha e le ba tlileng ho kena mosebetsing ka Sabbatha kapa ba tla tsoa ho oona. Bohle ba tla ho moprista Jehojada.

Moprista a neha balaoli ba makholo marumo le lithebe tsa khosi Davida, tse neng li le ka Tlung ea Morena. Balebeli ba ema ba tšoere lihlomo ka matsoho, ho tloha ntlheng e ka Leboea ho isa ho e ka Boroa ea Tempele, ka mokhoa oo ba ka teelang khosi hare. Moprista a tlisa mora oa khosi, a mo roesa mofapahloho le likhabiso tsa borena. Ba ‘meha khosi, ba mo tlotsa. Ba mo etsetsa mahofi, ba re: Khosi e re phelele!

Ha Athalia a utloa litlatse tsa sechaba, a kena ka Tlung ea Morena har’a sechaba. A sheba, a bona khosi e eme pel’a tšiea ho ea ka moetlo, mahosana le ba letsang literompeta ba le pel’a khosi, sechaba sohle sa naha se nyakaletse, se letsa literompeta. Eaba Athalia o tabola liaparo tsa hae, a hooa, a re: Jo! Ke ekiloe, ke ekiloe!

Ke ha moprista Jehojada a laela balaoli ba makholo ba okametseng mabotho, a re ho bona: Mo ntšetseng ka ntle ho lebala la Tempele. Le bolaee ka sabole mang kapa mang ea mo latelang. Moprista o n’a laetse hore a se ke a bolaeloa ka Tlung ea Morena.

Joale ba mo tšoara. Ha a fihla tlung ea borena ka khoro ea lipere, a bolaeloa hona teng. Jehojada a thehela khosi le sechaba selekane le Morena, hore e fele e be sechaba sa Morena, le khosi selekane le sechaba.

Eaba sechaba sohle sa naha se kena ka tempeleng ea Baale, sea e qhaqha. Lialetare le litšoantšo tsa hae tsa pshatlakoa. Le Matthane, moprista oa Baale, a bolaeloa pel’a lialetare. Moprista a nt’o beha balebeli bakeng la Ntlo ea Morena. Sechaba sohle sa naha sa nyakalla, motse oa boela oa lula ka khotso, hoba ho bolaoe Athalia ka sabole pel’a ntlo ea borena.

PESALEMA 131 (11.12.13-14.17-18. R. 13)

MORENA O IKHETHETSE SIONE O LAKALITSE HO AHA TENG.

Morena o hlapanyelitse Davida ka kano,

eo a ke keng a e koenehela.

O itse: “Tholoana e tsoang thekeng la hao,

ke eona eo ke tla e hlomamisa teroneng ea hao.

Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka,

ba latela le litemoso tseo ke ba fileng tsona,

le bara ba bona, le bona,

ba tla lula teroneng ea hao kamehla eohle.”

Efela Morena o ikhethetse Sione,

o lakalitse ho aha teng.

A re: “Ena ke qalo ea ka ea phomolo kamehla eohle,

ke tla phela teng, hobane ke lakatsa joalo.

Ke tla ekeletsa Davida matla hona teng,

ke hoteletse motlotsuoa oa ka lebone.

Lira tsa hae ke tla li tlontlolla,

athe hlohong ea hae ho tla khanya tlokola.”

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (6,19-23)

“Moo letlotlo la hao le leng teng, pelo ea hao e tla ba hona teng.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo ho senyang tšoèlè le mafome, moo esitang le masholu a qhaqhang ‘me a utsoang; le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo ho seng tšoele le mafome a senyang, moo ho seng masholu a qhaqhang ho utsoa. Hobane moo letlōtlo la hao le leng teng, pelo ea hao le eona e tla ba hona teng.

Lebone la ‘mele ke leihlo. Ha eba leihlo la hao le phela hantle, ‘mele oa hao oohle o tla ba le leseli. Athe ha eba leihlo la hao le sa phele hantle, ‘mele oa hao oohle o tla ba lefifing. Ha ho le joalo, ha leseli le ka ho uena e ka ba lefifi, e tla ba lefifi le lekaakang!

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Phupjane 2024

Read Next

La 22 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular