Vinkmag ad

La 19 Phupjane 2024

Beke ea 11 e hara selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (2,1.6-14)

“Ha hlaha kariki ea mollo, Elia a nyolohela maholimong.”

Mohla Morena a ileng a nkela Elia maholimong ka setsokotsane, Elia le Elisha ba ne ba tsoa tloha Gilgale. Eitse ha ba fihla Jeriko, Elia a re ho Elisha: Ak’u sale mona, hobane Morena o nthomme Jordane. Eena a re: Ka Morena ea phelang, le ka bophelo ba hao, nke ke ka khaohana le uena. Eaba ba tsamaea hammoho.

Banna ba mashome a mahlano, bao e neng e le bara ba baprofeta, ba fihla ba ema mabapa le bona, sebakanyana, ha bona ba babeli ba eme lebopong la Jordane. Elia a nka seaparo sa hae, a se thata, a phutla metsi. Metsi a aroha, a mang ka mona, a mang ka mane, ‘me bobeli ba bona ba tšela sebataolong.

Eare hoba ba tšele, Elia a re ho Elisha: Hlahisa kopo; ke u etsetse’ng pele ke tlosoa ho uena. Elisha, a re: A nke ke abeloe karolo tse peli tsa moea oa hao oa boprofeta. Eena a re: U kopile ntho e thata: empa ha eba u mpona ha ke tlosoa ho uena, u tla etsetsoa joalo; athe ha u sa mpone, u ke ke ua etsetsoa joalo.

Ba ‘na ba tsamaea, ba ntse ba bua. Hang ha hlaha kariki ea mollo le lipere tsa mollo, tsa fihla tsa ema pakeng tsa bona. Elia a nyolohela maholimong ka setsokotsane. Ha Elisha a bona hoo, a hoeletsa, a re: Ntate, ntate! Kariki ea Israele le bapalami ba eona! Ha a se a sa ‘mone, a tšoara liaparo tsa hae, a li tabola koto tse peli.

A nka seaparo sa Elia se oeleng ho eena, a khutla, a ea ema lebopong la Jordane. A tšoara seaparo sa Elia, a phutla metsi ka sona, a ntse a re: O kae Morena, Molimo oa Elia? Hoba a phutle metsi, a boela a aroha, a mang ka mona, a mang ka mane: eaba Elisha oa tšela.

PESALEMA 30 (20.21.24. R. 25)

TšOARANG LE TIEE, BETANG PELO, LONA BOHLE BA TšEPILENG MORENA.

Ke o mokakang molemo

oo u o boloketseng ba u tšabang,

oo pontšeng ea bana ba batho,

u o etsetsang ba tšabelang ho uena.

U ba pata moo uena ka sebele u leng teng,

hole le maqiti a batho;

U ba boloka motlotloaneng oa hao,

hole le maleme a jalang liqabang. 

Ratang Morena, lona metsoalle eohle ea hae:

Morena ke mosireletsi oa ba tšepahalang.

Empa ba ikhohomosang,

o ba fa se ba lokelang ka ho tlala.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (6,1-6.16-18)

“Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u buseletsa.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Hlokomelang le se etse liketso tse lokileng tsa lona mahlong a batho hore le bonoe ke bona: ho seng joalo, le ke ke la fumana moputso ho Ntat’a lona ea maholimong.

Ka baka leo, ha u etsa mpho ea mohau, u se ke oa letsa phala, joaloka ha baikaketsi ba etsa, matlung a thapelo le litseleng, hore ba tle ba rorisoe ke batho. Ruri kea le bolella, ba se ba amohetse moputso oa bona, Empa uena ha u etsa mpho ea mohau, letsoho la hao le letšehali le se ke la tseba se etsoang ke le letona, ketso ea hao ea mohau e tle e be sephiring; ‘me Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u buseletsa.

Hape, ha le rapela, le se ke la tšoana le baikaketsi ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le mateanong a litsela, hore ba bonoe ke batho. Ruri, kea le bolella, ba se ba amohetse moputso oa bona. Empa uena ha u rapela, kena kamoreng ea hao, u koale monyako, u nt’o rapela Ntat’ao ea leng teng sephiring: ‘me Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u buseletsa.

Hape-hape, ha le itima lijo le se ke la itlhonamisa joaloka baikaketsi, ba sosobanyang lifahleho tsa bona, ba tle hle ba bonahale ho batho hore ba itima. Ruri, kea le bolella, ba se ba amohetse moputso oa bona. Empa uena ha u itima, u itlotse hlooho ‘me u iphotle sefahleho, u tle u se ke ua bonahala ho batho hore ua itima, ha e se ho Ntat’ao ea leng teng sephiring; ‘me Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u putsa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Phupjane 2024

Read Next

La 20 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular