Vinkmag ad

La 13 Phupjane 2024

Beke ea 10 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (18,41-46)

“Elia a rapela ‘me ha na pula e ngata.”

Matsatsing ao, Elia a re ho Akhabe: Nyoloha, u e’o ja, u b’u inoelle joale, hobane ho se ho utloahala molumo oa pula e tlang. Akhabe a nyoloha ho ea ja le ho noa. Ha e le Elia eena, a hloella tlhorong ea thaba ea Karmele; a lula a inametse fatše, sefahleho se le pakeng tsa mangole. A re ho  mohlanka oa hae: Nyoloha, u shebe ka ‘ng’a leoatleng. Eo a nyoloha, a fihla a sheba, a re: Ha ho letho. Elia a re: Boella ha supa.

Khetlong la bosupa, mohlanka a re: Ke bona lerunyana le lekaalo ka seatla sa motho, le nyoloha leoatleng. Elia a re: Tsa m’u bolella Akhabe hore a pane lipere, a theohe, esere a thibelloa ke pula.

Kapele-pele maholimo a ntšofala ke maru, le moea oa tsoha, ha na pula e ngata. Akhabe a palama kariki a leba Jizreele. Letsoho la Morena la e-ba holim’a Elia: a itlama thekeng, a matha ka pele ho Akhabe ho ea fihla khorong ea Jizreele.

PESALEMA 64 (10-11.12-13, R. 2)

UENA MOLIMO, U LOKELOA KE THORISO SIONE.

U etela lefatše, u le sitsa ka nala,

u le tlatsa ka maruo a se nang palo.

Ha liliba tsa maholimo li khaphatseha,

u fa batho kotulo e ntle.

U lokisetsa lefatše tjena:

u thuha makote a lona,

U le nolofatsa ka mafafatsane,

u hlohonolofatsa le lijalo tsa lona.

u noesetsa masimo a lenngoeng,

Selemo sohle se roetse tlokola ea lineho tsa hao,

mehlaleng ea hao ke manoni feela.

Metebo ea feelleng ea tšoehla,

maralla a apere thabo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5,20-26)

“Mang le mang ea halefelang ngoan’ abo o tla ts’oaneloa ke kahlolo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha eba ho loka ha lona ho sa fete ha bangoli le Bafarisi, ha le ka ke la kena ‘musong oa maholimo. Le utloile hore ho ne ho thoe ho ba boholo: U se ke ua bolaea; ea tla bolaea o tla tšoaneloa ke kahlolo. Empa ‘na kea le bolella: mang le mang ea halefelang ngoan’abo o tla tšoaneloa ke kahlolo. Ea tla re ho ngoan’abo: Sehole tooe; o tla tšoanela ho ikarabella khotla. Ha e le ea reng: Tseke-tseke, tooe; o tla tšoaneloa ke mollo oa lihele.

Ha ho le joalo, ha u nyehela ka mpho ea hao aletareng, ‘me teng u hopola hore ngoan’eno o sello ka uena, sia mpho ea hao hona moo pel’a aletare, u qale ka ho ea boelana le ngoan’eno, e be moo u tlang ho nyehela ka mpho ea hao. Phakisa u e’o utloana le eo le tsekisanang le eena le sa ntsane le le tseleng; esere mohlomong eo le tsekisanang le eena a u nehela moahloli, moahloli a u nehela molebeli ‘me ua kenngoa chankaneng. Ruri kea u bolella ke re: ha u ka ke ua tsoa teng ho fihlela ha u lefile cheletana ea ho qetela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Phupjane 2024

Read Next

La 14 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular