Vinkmag ad

La 11 Phupjane 2024

Beke ea 10 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (17,7-16)

“Lefisoana la phofo ha lea ka la hlola le sa fela, ka ho ea ka lentsoe leo Morena a neng a le boletse ka Elia.”

Matsatsing ao, nokana eo Elia a neng a lula ho eona ea psha, hobane pula e n’e le sieo naheng eo. Eaba Lentsoe la Morena le fihlela Elia, le re:  Tsamaea, u ee Sarepta, naheng ea Sidone, ‘me u lule teng. Ke se ke laetse mosali oa mohlolohali oa hona teng hore a u fepe. A tloha, a leba Sarepta.

Ha a fihla khorong ea motse a bona mosali oa mohlolohali a nts’a roalla patsi. A mo hoeletsa, a re: Ak’u ee ho nkhella metsinyana ka nkhoana, ke tl’o noa! Ha a lata, a mo hoeletsa hape, a re: U b’u tle u ntšoaretse le sengoathoana sa bohobe!

Eena a fetola, a re: Ka Morena Molimo oa hao ea phelang, ha ke na bohobe, ha e se phofshoana e ka lefisoaneng, e ka etsang seatla feela, le olinyana ka pitsaneng, ‘me ke ne ntse ke thonaka lithutsoana li se kae, ke nt’o ea hae ho ea phehela rona le mora oa ka, re tsoe re ichoella.

Eaba Elia o re: Se tšabe letho. E-ea hae, ‘me u etse kamoo u boletseng kateng. Feela u phehele ‘na pele bohojoana, u ntlisetse bona, u ntan’o phehela lona le mora oa hao. Hobane ke sena seo Morena Molimo oa Israele a se bolelang:

Lefisoana la phofo ha le na ho fela,

le pitsana ea oli ha e tl’o qetoa,

ho fihlela letsatsing leo ka lona

Morena a tla nesa pula lefatšeng.

A ea, a etsa ka ho ea ka polelo ea Elia. Ba ja, Elia, mosali le ba ntlo ea hae. Lefisoana la phofo ha lea ka la hlola le sa fela le pitsana ea oli ha ea ka ea qetoa, ka ho ea ka lentsoe leo Morena a neng a le boletse ka Elia.

PESALEMA 4 (2-3.4-5.7-8. Rr. 7)

RE BONTšE SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.

Ak’u nkarabe ha ke hoeletsa ho uena,

Molimo, moloaneli oa litokelo tsa ka,

Uena ea ‘ntšitseng matšoenyehong,

nkhauhele, u mamele thapelo ea ka.

Tsebang hona: Morena o nkhethile

ho ba motsoalle oa hae,

ha ke hoeletsa ho eena, Morena oa nkutloa.

Thothomelang ‘me le furalle sebe:

ha le le liphateng, le itekole le khutsitse.

Ba bangata ba reng:

Ke mang ea tla re fa lehlohonolo?

U file pelo ea ka thabo e fetang

ea mohla chai ea koro le nala ea veine.

Re bontše sefahleho se elileng, Morena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5,13-16)

“Lona le leseli la lefatše.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Lona le letsoai la lefatše; empa ha eba letsoai le ka tapa, lona le ka nokoa ka’ng? Ha le sa na thuso, ha e se hore le lahleloe kantle, le hatakeloe ke batho.

Lona le leseli la lefatše. Motse o sitoa ho pateha o le holim’a thaba. Le lona lebone, ha le ke le hotetsoa, le behoe tlas’a nkho, empa le hlongoa sehlomellong sa lona, hore le tle le khantšetse bohle ba ka tlung. Leseli la lona le khanye joalo pel’a batho, e le hore ka ho bona liketso tse lokileng tsa lona, ba tle ba tlotlise Ntat’a lona ea maholimong.

Vinkmag ad

Read Previous

THAPELO EA BASOTHO

Read Next

La 12 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular