Vinkmag ad

THAPELO EA BASOTHO

‘Mopi, Hlahlamacholo, Ramaseli, Rammoloki

Atla li maroba, atla li marotholi a pula,

Atla li tšoeu tsa Rammoloki,

Li tšoeu ke ho bopa masea,

Hobane bohle re ‘mopo le mosebetsi oa matsoho a ona.

Hlahlamacholo hlahla metsi o’a etse keleli ea sehla sa Mariha,

Hobane ka keleli u nchafatsa lichaba teng,

Lichaba li tsoang ho uena ‘mopong,

Li tlang ho boela ho uena meahong.

Ba meolimeololo, ba lumang lingope ho theleha.

Ntšang tšoeu le nehe ‘Mopi le tle le bone ha ‘Mopi o thaba,

Hobane Baholo-Balimo bona ba thabela likhalapa.

Ba re ho be ho soeu, ho be malola,

Ho be hele-hele pele le morao.

Ho iloe kae ke Bo-ntate-moholo le Bo-nkhono ho sa keng ho khutloa,

Ho iloe ha sekoti ha se tlale. ‘Maakane joo! Ka ‘Mopi ra le bona.

‘Mopi oa Ramosholu-shololo litsohali Bo-nkhono ke bana ba labalabela matlala.

Matlala b’a bona ka’ng a anetse, b’a bona ka ho theha mekhanya liphatleng tsa bona.

Malataliana-tsela ngoana Rae e moholo ke mang, pitsana ha e na khobe, le e ‘ngoe ha e na khobe

Qhaqholla u re qiti! Moshanyan’a sankatana le kholumo-lumo.

Ho iloe kae ke bo-Mmabana, ba ile masimong.

Ba siile masea ka liotloaneng.

Liotloana tseo ha li hole li sireletse masea.

Ka bona Bo-ntate-moholo le Bo-nkhono ba lutse ka shoalane mollong

le litlohotloholoana tsa bona ba li etsetsa litšomo tse monate;

Bo-limo le Tselane ka ba ka utloa ha ba ba etsetsa lilotho tse monate;

bo-mmenthele o hlotse baruti.

Leseli!  Khanya!

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Phupjane 2024

Read Next

La 11 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular