Vinkmag ad

La 10 Phupjane 2024

Beke ea 10 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (17,1-6)

“Elia o sebeletsa Molimo oa Israele.”

Matsatsing ao, Elia oa Thishba e Gileale a re ho Akhabe: Ka Molimo oa Israele, Morena ea phelang, eo ke mo sebeletsang, lemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula ha e se ka taelo ea ka feela.

Eaba Lentsoe la Morena le fihlela Elia, le re: Tloha mona, u lebe ‘ng’a Bochabela u e’o ipata nokaneng ea Kerithe e ka Bochabela ho Jordane. U tla noa nokaneng eo; ke se ke bile ke laetse makhoaba hore a ‘ne a u fepe hona teng.

A tloha ho ea ka taelo ea Morena, a ea lula nokaneng ea Kerithe e ka Bochabela ho Jordane. Makhoaba a ‘na a mo tlisetsa bohobe le nama hosasa le mantsiboea ‘me o n’a e-noa nokaneng.

THUSO EA RONA E TSOA HO MORENA EA ENTSENG LEHOLIMO LE LEFATšE.

PESALEMA 33 (2-3.4-5.6-7.8-9. R. 9)

 Ke lelaletsa mahlo a ka lithabeng,

moo thuso ea ka e tla tsoa teng.

Thuso ea ka e tsoa ho Morena,

ea entseng leholimo le lefatše.

Ke tla boka Morena ka nako tsohle,

molomo oa ka o tla mo roka kamehla.

A ke ke a lesa leoto la hao ho khoptjoa,

eo e leng molebeli oa hao ha a na ho otsela.

Efela ha a otsele leha e le ho robala,

molebeli oa Israele.

Morena ke molebeli oa hao,

Morena ke moqobeli oa hao ea emeng lehlakoreng la hao

Letsatsi le ke ke la u ntša kotsi motšeare,

leha e le khoeli bosiu.

Morena o tla u sireletsa bobeng bohle,

a lebele bophelo ba hao.

Morena o tla sireletsa ho ea le ho khutla ha hao,

ho tloha joale ho isa khale.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5,1-12)

“Ho lehlohonolo ba nang le moea oa bofumanehi.”

Ka nako eo, ha Jesu a bona matšoele, a nyolohela thaheng. A lula fatše, ‘me barutuoa ba hae ba tla ho eena eaba o ahlamisa molomo, oa ba ruta, o re: Ho lehlohonolo ba nang le moea oa bofumanehi, hobane ‘muso oa maholimo ke oa bona.

Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tšelisoa.

Ho lehlohonolo ba bonolo, hobane lefatše e tla ba lefa la bona.

Ho lehlohonolo ba lapetseng ‘me ba nyoretsoeng ho loka hobane ba tla khotsofatsoa.

Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauheloa.

Ho lehlohonolo ba pelo li hloekileng, hobane ba tla bona Molimo.

Ho lehlohonolo ba bopang khotso, hobane ba tla bitsoa bana ba Molimo.

Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka, hobane ‘muso oa maholimo ke oa bona.

Ho lehlohonolo lona ha le hlapaoloa, le hlorisoa ‘me le etseletsoa ka mekhoa eohle ka baka la ka. Thabang, le nyakalle, hobane moputso oa lona o tla ba moholo maholimong; etsoe baprofeta ba bileng teng pele ho lona ba ile ba hlorisoa joalo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Phupjane 2024

Read Next

THAPELO EA BASOTHO

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular