Vinkmag ad

Ha re sebeliseng makhabane ana

Kamphani ea Mazenod e amohetse Mookameli-Kakaretso e mocha e leng Fr. Koenane Steven Molefi OMI ea lutseng Naheng ea Botswana nako e telele. Tsena li etsahetse hona Mazenod, ka la 3 Phupjane monongoaha.

Fr. Katase Paul Katase OMI joaloka Molula-Setulo oa Boto o fetisitse mantsoe a teboho ho tsoa ho Ramaoblata Lesotho ho Fr. Augustine Khakhane OMI ea sebelitseng ka boitelo bohle maemong a thata. O itse o fetile kahar’a liqholotso tse ngata tse akhang ho cha ha moaho, ka hona o lokeloa ke phomolo e se re a iphumana a se a oele fatše. A re Ramaoblata o lebohile Fr. Molefi ea amohetseng thomo ena e ncha, ebile o na le tšepo e tiileng ea hore o tla sebetsa hantle kaha a se mocha haholo litabeng tse amanang le khoebo. A mo kopela tšebelisano ‘moho e mofuthu ho basebetsi joalokaha ba entse ho ba bang, ‘me a boela a bontša hore bohle ba tšepahale hobane botšepehi ke ntho ea bohlokoa haholo tšebetsong. A re Fr. Molefi ha e tl’o ba lepolesa le lisang metsamao ea batho, ka hona motho ka mong a etse mosebetsi oa hae ka tšoanelo.

Zaga Bet officially launched their sports betting operation in Lesotho

Attention, sports fans of Lesotho! Prepare to embark on an electrifying journey into the heart of betting excitement with the grand arrival of Zaga Bet.

At Zaga Bet, we don't just offer games; we offer experiences that ignite the senses and awaken the spirit of adventure within you. From the heart-pounding rush of Aviator to the timeless allure of casino classics and the captivating charm of slot games, Zaga Bet promises a symphony of excitement that resonates with the rhythm of Africa itself.

Visit www.zagabet.ls for more information and start experiencing the excitement of Zaga Bet today!

#ZagaBet #Aviator #betting #online betting

Fr. Augustine Khakhane OMI o bontšitse hore o fihlile kahar’a Kamphani ka selemo sa 2011, ‘me ea e-ba Mookameli-Kakaretso ka selemo sa 2018 moo a ileng a feta har’a mathata a mangata haholo a akhang seoa sa COVID-19 moo likamphani tse ngata li ileng tsa koaloa. A leboha bohle ka tšebelisano ‘moho e mofuthu le ho mo amohela kaha ho se motho ea hlokang mefokolo. A qetella ka ho kopela Mookameli-Kakaretso e mocha tšebelisano ‘moho e mofuthu, a boela a ipiletsa ho bohle ho tlohela litloaelo tsa khale.

Mookameli-Kakaretso e mocha Fr. Koenane Steven Molefi OMI o qalile ka ho bontša hore ha ho letho le lecha leo a tlang ka lona, empa o tlo tsamaea litseleng tsa ba tlileng pele ho eena. A leboha Bookameli ba Kopano ka thomo ‘moho le Fr. Khakhane eo ba tlo sebetsa ‘moho le eena. A re lintho tseo a li nkang li le bohlokoa haholo ke tšebelisano ‘moho (Corporation) hobane Sesotho se re kopano ke matla, khoebisano (Entrepreneurship) lipakeng tsa basebetsi molemong oa kholo ea Kamphani ‘moho le ho tsamaisana ka ho tšoarana ka qola ea kobo (Collective co-operation). A kopa bohle ho rapela khafetsa e le ho hlola meleko eohle e teng e sitisang Kamphani ho hola. A phethela ka ho bolela makhabane a mararo a tla thusa bohle e leng tumelo, tšepo le lerato la mosebetsi.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Phupjane 2024

Read Next

La 4 Phupjane 2024

2 Comments

  • Hopola ho romela pampiri eo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular