Vinkmag ad

La 1 Phupjane 2024

Pelo e se nang Sekoli ea Maria

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (61,9-11)

“Ke tla tlaloa ke thabo, ke ithabele ka Morena.”

Lesika la sechaba sa ka le tla tuma lichabeng, le litloholo tsa bona har’a merabe. Bohle ba tla ba bona ba tla ba tseba, e le lesika le hlohonolofalitsoeng ke Morena.

Ke tla tlaloa ke thabo, ke ithabele ka Morena, moea oa ka o nyakalle ho Molimo oa ka, hobane o ntentšitse liaparo tsa pholoho, ‘me o nkapesitse kobo ea toka, joalokaha monyali a roetse tlokola, le monyaluoa a ikhabisitse ka mabenyane a matle.

Hobane joalokaha lefatše le hlahisa limela, le eona tšimo e melisa lijalo, ka mokhoa o joalo Morena Molimo o tla melisa ho loka le eona thoko, pontšeng ea lichaba tsohle.

PELO EA KA E THABETSE MORENA.

Pelo ea ka e thabetse Morena,

 ke tsoha molata ka baka la Molimo oa ka.

Ke tlepa lira tsa ka litšeho,

hobane ke thabetse pholoho ea hao.

Liqha tsa bahale li robehile,

athe ba fokolang ba itlamme thekeng ka matla.

Ba neng ba khora ba ikhirisetsa lijo:

athe ba neng ba lapa ha ba sa hloka ho sebetsa.

Morena o laola lefu le bophelo,

o theolela Qalong-ea-bafu, a be a inole.

Morena oa futsanehisa ‘me oa ruisa;

oa kokobetsa, a be a phahamise.

O ntša mofutsana litholeng,

o nyolla mohloki thotobolong,

ho mo beha har’a mahosana

Le ho mo fa setulo sa hlompho.

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (5,12.17-19)

“Moo sebe se ngatafetseng, grasia e ngatafetse ka ho fetisa.”

Bana beso! Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, le lefu ka sebe; ‘me ka tsela ena lefu le fetetse ho batho bohle, kaha bohle ba entse sebe.

Ka baka leo, joaloka ha phoso ea motho a le mong e isitse batho bohle tsuong, ka mokhoa o tšoanang ketso e lokileng ea motho a le mong e isitse batho bohle tokollong e isang bophelong. Hobane, joalokaha ba bangata ba entsoe baetsalibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokhoa o tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (19,25-27)

“Mora oa hao ke eo. ‘M’ao ke eo.”

Pel’a sefapano sa Jesu, ho ne ho eme ‘m’ae, hammoho le ngoan’abo ‘m’ae, Maria mohats’a Kleofa le Maria Magdalena. Eare ha a bona ‘m’ae le morutuoa eo a neng a mo rata a eme pel’a hae, Jesu a re ho ‘m’ae: Mosali, mora oa hao ke eo. A nt’o re ho morutuoa ‘M’ao ke eo. Ho tloha nakong eo morutuoa a mo nkela ha hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 31 Motšeanong 2024

Read Next

La 3 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular