Vinkmag ad

La 30 Motšeanong 2024

Beke ea 8 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Peterosi. (2, 2-5.9-12)

“Le boprista ba borena, mohlobo o halalelang hore le tle le bolele lithoko tsa Eo ea le bitsitseng.”

Baratuoa! Joaloka masea a qetang ho hlaha, laba-labelang lebese le sa tsoakoang la moea, hore ka lona le holele pholohong, ha eba le fela le latsoitse kamoo Morena a leng kateng.

Atamelang ho Morena, eo e leng lejoe le phelang, le lahliloeng ke batho, empa le khethiloeng ‘me le hlomphiloeng ke Molimo. Le lona le be majoe a phelang, ao ntlo ea moea e ahoang ka ‘ona; le be boprista bo halalelang ho nyehela mahlabelo a moea, a amohelehang ho Molimo ka Jesu Kriste.

Le moloko o khethiloeng, boprista ba borena, mohlobo o halalelang, sechaba seo Molimo a itopolletseng sona, hore se tle se bolele lithoko tsa Eo ea le ntšitseng mafifing ho le tlisa leseling la hae le tsotehang.

Le ne le se sechaba pele, athe kajeno le sechaba sa Molimo; le ne le sa ka la fumana mohau, athe kajeno le fumane mohau. Baratuoa, ke le rapela joalokaha le le bajaki le baeti, hore le se latele litakatso tsa botho tse loantšang moea. Le be le metsamao e metle har’a bahedene, e le hore esita le ho tseo ba le etselletsang ka tsona joaloka hoja le le lisenyi, ba tle ba lemohe mesebetsi ea lona e metle, ‘me ba rorise Molimo ka letsatsi la ketelo ea hae.

PESALEMA 99 (2.3.4.5. R. 2)

TLONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO

Etsetsang Morena litlatse,

Lona mafatše ohle,

Tlong pela hae ka mehoo ea thabo,

Sebeletsang Morena ka nyakallo.

Tsebang hore Morena ke eena Molimo,

Ke eena ea re entseng ‘me re ba hae;

Re sechaba sa hae

Le mohlape oa makhulo a hae.

Kenang menyako ea hae ka teboho,

Le mabaleng a hae ka lithoko,

Mo leboheng,

Le boke lebitso la hae.

Morena o molemo, mohau oa hae ke o sa feleng.

‘nete ea hae ke ea kamehla le mehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (10, 46-52)

  “Moruti, ke boele ke bone.”

Ka nako eo, Jesu a tloha Jeriko le barutuoa ba hae, a e-na le letšoele le leholo. Bartimeuse oa sefofu, mor’a Timeuse, o n’a lutse ka thoko ho tsela a nts’a kopa. Ha a utloa hore ke Jesu oa Nazaretha, a qalella ho hooa a re: Jesu Mor’a Davida, u nkhauhele!

Ba bangata ba mo khalemela hore a thole, empa eena a hooa le ho feta, a re: Mor’a Davida, u nkhauhele. Eaba Jesu oa ema, o re: Ha a tle koano! Ba bitsa sefofu, ba re ho sona: khothala, ema, oa u bitsa. Sa lahla kobo ea sona; sa raoha, sa tla ho Jesu.

Jesu a bua le sona, a re: U rata hore ke u etsetse’ng na? ‘Me sefofu sa re ho eena: Moruti, ke boele ke bone. Eaba Jesu o re ho sona: Tsamaea, tumelo ea hao e pholositse. Hang-hang sa boela sa bona, sa ba sa mo latela tseleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Motšeanong 2024

Read Next

La 31 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular