Vinkmag ad

La 29 Motšeanong 2024

Beke ea 8 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Peterosi. (1, 18-25)

“Le lopolotsoe ka mali a bohlokoa a Kriste, a joaloka a Konyana e se nang letheba le sekoli.”

Baratuoa! Le ntse le tseba hore ha lea lopolloa ka ntho tse senyehang joaloka gauda kapa silvera, metsamaong ea lona ea bosaoana eo le e nkileng ho bo-ntat’a lona. Empa le lopolotsoe ka mali a bohlokoa a Kriste, a joaloka a Konyana e se nang letheba le sekoli. O khethiloeng esale pele, lefatše le e-s’o hlolehe, empa o bonahalitsoe linakong tsa qetello ka baka la lona. Ka eena le lumetse ho Molimo ea mo tsositseng bafung, a ba a mo neha letlotlo, e le hore tumelo le tšepo ea lona li tle li be ho Molimo.

Kaha le hloekisitse meea ea lona ka ho mamela ‘nete ‘me le e-na le lerato la sebele ho bana babo lona ratanang ka pelo eohle, ho se boiketsiso. Ka lentsoe le phelang ‘me le sa feleng la Molimo, le tsoetsoe la bobeli le le bana ba motsoali ea sa shoeng, e seng ea shoang. Hobane joalokaha Mangolo a re, batho ba ka joang, le botle bohle ba bona bo joaloka palesa ea joang. Joang boa omella, ‘me palesa ea bona ea oa, empa Lentsoe la Molimo le hlola ka bosafeleng.

Lentsoe lena ke lona leo le le utloileng ka molaetsa oa taba tse monate.

 

PESALEMA 147 (12-13.14-15.19-20. R7. 12)

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.

Tlotlisa Morena, uena Jerusalema,

rorisa Molimo oa hao, uena Sione.

O tiisitse mekoallo ea menyako ea hao,

o hlohonolofalitse bana ba hao

ba phelang ka ho uena.

O entse hore khotso e be meeling ea hao,

o u khorisa koro e khethehileng.

O romela litaelo tsa hae lefatšeng,

molaetsa oa hae o matha ka potlako.

O senoletse Jakobo lipallo tsa hae,

o nehile Israele litaelo le likahlolo tsa hae.

Ha ho sechaba se seng

seo a kileng a se etsetsa joalo,

a se senolela likahlolo tsa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (10, 32-45)

“Re nyolohela Jerusalena, moo Mor’a motho a tla neheloa balichaba.”

Ka nako eo, barutuoa ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema, ‘me Jesu o n’a tsamaea ka pele ho bona. Bona ba ne ba tsielehile, ha e le batho ba mo latetseng ba ne ba tšohile.

Jesu a boela a nka ba leshome le metso e ‘meli lekunutu ‘me a qala ho ba bolella tse tlang ho mo hlahela, a re: Lea bona, re nyolohela Jerusalema. Moo Mor’a motho a tla neheloa baprista ba baholo le bangoli.

Ba tla mo ahlolela lefu, ba mo nehele balichaba. Bona ba tla mo soma, ba mo tšoele ka mathe, ba mo shape, ba ‘molaee, empa kamor’a matsatsi a mararo o tla tsoha bafung.

Jakobo le Joannes, bara ba Zebedea, ba tla ho Jesu. Ba re: Moruti, re rata hore u re etsetse seo re tla u kopa sona. Jesu a re ho bona: Le rata hore ke le etsetse’ng?

Ba re: Ha u s’u lutse teroneng ea hao ea borena, beha e mong oa rona ka ho le letona, e mong ka ho le letšehali ho uena. Empa Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka noa senoelo seo ke tla se noa na? Kapa la hlatsuoa ka tlhatsuo eo ke tlang ho hlatsuoa ka eona na?

Bona ba re ho eena: Re ka etsa. Jesu a re ho bona: Senoelo seo ke tla se noa, sona le tla se noa; le tlhatsuo eo ke tlang ho hlatsuoa ka eona, le tla hlatsuoa ka eona; empa ha e le ho ba ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ho ‘na, ha se ‘na ea ka le nehang hona, empa ho tla nehoa ba ho lokiselitsoeng.

Ha ba leshome ba utloa hona, ba fella Jakobo le Joannes pelo. Jesu a ba bitsetsa ho eena, a re: Lea tseba hore ba bitsoang babusi ba lichaba ba rena holim’a tsona, ‘me ba ka sehlohong ba li imetsa ka puso.

Ho lona, ho se be joalo: Empa har’a lona, ea ratang ho ba moholo, e be mohlanka oa lona; ‘me ea ratang ho ba oa pele, e be mosebeletsi oa bohle. Hobane le Mor’a motho ha a tlela ho sebeletsoa, empa o tletse ho sebeletsa le ho nehelana ka bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Motšeanong 2024

Read Next

La 30 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular