Vinkmag ad

La 28 Motšeanong 2024

Beke ea 8 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Peterosi. (1,10-16)

“Baprofeta ba ile ba profeta tsa mohau o tlang ho le hlahela. Ka baka leo le itokisetse moeeng ‘me le tsepe.”

Baratuoa! Tsa pholoho, baprofeta ba ile ba li batla, ba li fatisisa, bona ba profetileng ka mohau o tlang ho le hlahela. Ba ne ba fuputsa hore na Moea oa Kriste o ka ho bona o ba supisa nako efe kapa e joang, ha o bolela e sa le pele mahloko a Kriste le letlotlo le tla a latela.

Ba senoletsoe hore ha se bakeng la bona, empa e le bakeng la lona, ha ba bolella batho molaetsa oo kajeno le o tsebisoang ke ba le rutang Evangeli, ka Moea o Halalelang o romiloeng o e-tsoa leholimong. Ke molaetsa oo esita le manyeloi a ka beng a rata ho o utloisisa.

Ka baka leo, le itokisetse moeeng ‘me le falimehe. Ka pelo eohle ea lona le tšepe mohau oo le tla o etsetsoa mohla ho hlahang Jesu Kriste. Joaloka bana ba mamelang, le se ke la latela litakatso tsa lona tsa pele, tsa mohla le neng le hloka tsebo. Empa joalokaha Ea le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong eohle. Hobane ho ngotsoe, ho thoe: le halalele, hobane ‘Na kea halalela.

PESALEMA 97 (1.2-4. R.2)

MORENA O BONTšITSE PHOLOHO EA HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang,

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae

bakeng la ntlo ea Israele.

Liqola tsohle tsa lefatše

li bone pholoho ea Morena oa rona.

Lona mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (10, 28-31)

“Le tla abeloa ha lekholo nakong ea joale, hammoho le litlhoriso, ‘me nakong e tlang le tla fuoa bophelo bo sa feleng.”

Ka nako eo, Peterosi a qala ho bua le Jesu, a re: Bona, rona re tlohetse tsohle, ‘me re u latetse. ‘Me Jesu a araba, a re: Ka ‘nete, ke re ho lona, ha ho motho ea tla sia ntlo ea hae, kapa bana babo kapa likhaitseli, kapa ‘m’ae kapa ntat’ae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la ka le ka baka la Evangeli, a sa tl’o abeloa ha lekholo nakong ea joale, matlo, le bana babo, le likhaitseli, le bo-‘m’ae, le bana, le masimo hammoho le litlhoriso, ‘me nakong e tlang a fuoe bophelo bo sa feleng. Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, ‘me ba morao e tla ba ba pele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Motšeanong 2024

Read Next

La 29 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular