Beke ea 7 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Moapostola Jakobo. (5, 13-20)
“Thapelo e sa khaotseng ea motho ea lokileng e matla haholo.”
Ha eba e mong oa lona a le mahlomoleng, a rapele. Ha a thabile, a bine. Ekare ha e mong oa lona a kula, a bitse baprista ba Kereke ‘me ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka Lebitso la Morena. Thapelo e joalo, e etsoang ka tumelo e tla pholosa mokuli. Morena o tla mo buseletsa bophelo; ‘me ha a ka ba le libe, o tla li tšoareloa.
Ipoleleng libe tsa lona e mong ho e mong ‘me le rapellane, le tle le pholohe, etsoe thapelo e sa khaotseng ea motho ea lokileng e matla haholo. Elia e ne e le motho ea joaloka rona, ‘me a kopa ka thapelo hore pula e se ke ea na lefatšeng, ‘me pula ha ea ka ea na ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng. A boela a rapela, ‘me leholimo la nesa pula; eaba lefatše le beha litholoana tsa lona.
Bana b’eso, ha e mong oa lona a khelohile ‘neteng, ‘me e mong a mo busetsa ho eona, a ke a tsebe hore ea khutlisitseng moetsalibe tseleng e khelohileng ea hae, o tla pholosa moea oa hae lefung, ‘me o tla etsa hore libe tse ngata-ngata li tšoareloe.
PESALEMA 140 (1-2.3 le 8. R. 2)
THAPELO EA KA E KE E BE HO UENA JOALOKA MOKUBETSO.
Morena, ke hoeletsa ho uena, akofa ho nthusa,
u sekehele lentsoe la ka tsebe,
ha ke hoeletsa ho uena.
Thapelo ea ka e ke e be ho uena joaloka mokubetso,
matsoho a ka ao ke a phahamisitseng
a be joaloka nyehelo ea mantsiboea.
Morena, ak’u nthuse ho tšoara leleme la ka,
le ho falimehela lipolelo tsa molomo oa ka.
Mahlo a ka a lelaletse ho uena, Morena Molimo.
ke tšabetse ho uena, u se lahle bophelo ba ka.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka (10, 13-16)
“Mang le mang ea sa tl’o amohela ‘Muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane, a ke ke a kena ho oona.”
Ka nako eo, batho ba tlisa bana ba banyenyane ho Jesu hore a ba ame, empa barutuoa ba ba khalemela. Eare ha Jesu a bona hoo, a halefa, a re ho bona: Lesang bana ba banyenyane ba tle ho ‘na, ‘me le se ke la ba thiba, hobane ‘Muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.
Kannete ke re ho lona, mang le mang ea sa tlo amohela ‘Muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane, a ke ke a kena ho oona. ‘Me a ba kopa ka matsoho a ba hlohonolofatsa, ka ho ba beha matsoho.
