Vinkmag ad

La 23 Motšeanong 2024

Beke ea 7 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Moapostola Jakobo. (5,1-6)

“Moputso oa basebetsi, oo le o jeleng, o hoeletsa ho le qosa, ‘me liboko li utloahetse litsebeng tsa Morena.”

Lona barui, llang le bokolle, ka baka la matlokotsi a tla le oela holimo. Maruo a lona a s’a nts’a bolile, liaparo tsa lona li se ntse li jeoe ke tšoele.

Gauda le silevera tsa lona li jeloe ke mafome, ‘me mafome a tsona e tla ba bopaki bo le tsoang, ‘me a tla halika linama tsa lona. Le ipokelletse mollo bakeng la matsatsi a bofelo.

Bonang! Moputso oa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng, o hoeletsa ho le qosa, ‘me liboko tsa bakotuli li utloahetse litsebeng tsa Morena oa makhotla.

Le phetse hamonate le ka menyaka lefatšeng ‘me la inontšetsa letsatsi la polao. Le ahlotse, la ba la bolaea ea lokileng, empa ha a ka a itoanela.

PESALEMA 48 (14-16.17-18.19-20. R. Mt 5, 3)

HO LEHLOHONOLO BA NANG LE MOEA OA BOFUMANEHI HOBANE ‘MUSO OA MAHOLIMO KE OA BONA.

Ena ke eona tsela ea ba itšepang,

Ke pheletso ea ba ithetsang ka maleme a bona.

Ba khanneloang qalong ea bafu joaloka linku,

Lefu e tla ba molisa oa bona;

Ba tla busoa ke ba pelo li ntle.

Sebopeho sa bona ha se sa tla bonoa,

Qalo ea bafu e be lehae la bona.

Empa Molimo o tla lefella bophelo ba ka,

O tla ntša matleng a qalo ea bafu,

‘me a nkamohele.

Se belaele leha motho a ka rua,

‘me matlotlo a ntlo ea hae a ata;

Hobane ha e-shoa a ke ke a nka letho,

Matlotlo a hae a ke ke a mo sala morao.

Leha a ka inka a le lehlohonolo ha sa phela,

Kapa batho ba ka mo rorisa hobane a iketla,

O tla be a eo fihla molokong oa bo ntata’e,

Ba ke keng ba hlola ba bona leseli le khale.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9,40-49)

“Ho molemo ho uena ho kena bophelong u le tsohane, ho e-na le ho ea liheleng, u e-na le matsoho a mabeli.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Mang le mang ea tla le fa mohope oa metsi ka baka la hobane le ba Kriste, ruri kea le bolella, a ke ke a haelloa ke moputso oa hae. Empa mang le mang ea tla khopisa e mong oa ba banyenyane bana ba lumetseng ho ‘na, ho ka ba molemo ho eena hore a tlamelloe lejoe la leloala molaleng ‘me a liheloe leoatleng.

Ha letsoho la hao le u khopisa, u le pome. Ho molemo ho uena ho kena bophelong u le tsohane, ho e-na le ho ea liheleng, mollong o sa timeng, u e-na le matsoho a mabeli.

Ha leoto la hao le u khopisa, u le khaole. Ho molemo ho uena ho kena bophelong bo sa feleng, u le kotoane, ho e-na le ho lahleloa liheleng, u e-na le maoto a mabeli.

Ha leihlo la hao le u khopisa, u le honye. Ho molemo ho uena ho kena ‘musong oa Molimo u le moihloe, ho e-na le ho lahleloa liheleng, u e-na le mahlo a mabeli, moo seboko sa bona se sa shoeng le moo mollo o sa timeng. Efela motho e mong le e mong o tla nokoa ka mollo.

Letsoai le molemo, empa ha letsoai le thethefetse, le tla nokoa ka’ng. Le be le letsoai ka ho lona, ‘me le be le khotso har’a lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Motšeanong 2024

Read Next

La 24 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular