Vinkmag ad

La 22 Motšeanong 2024

Beke ea 7 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Moapostola Jakobo. (4,13-17)

“Bophelo ba lona ke’ng? Seo le tšoanetseng ho se bolela ke sena: Ha Morena a ka rata.”

Bana beso! Bonang joale, lona le re’ng kajeno hosasane re tla ea motseng o itseng, ‘me re tla hlola selemo teng, re hoebe, re tle re rue. Athe ha le tsebe na hosasane ho tla hlaha life. Bophelo ba lona ke’ng? Ke moholi o hlahang ka motsotsoana feela, o nt’o nyamela.

Seo le tšoanetseng ho se bolela ke sena: Ha Morena ha ka rata, re tla phela, ‘me re tla etsa hona kapa hoane.

Empa joale le ithorisa boikhantšong ba lona. Boithoriso bohle bo joalo bo bobe. Ka baka leo, ea tsebang ho etsa botle empa a sa bo etse, o etsa le sebe.

PESALEMA 48

HO LEHLOHONOLO BA NANG LE MOEA OA BOFUMANEHI HOBANE ‘MUSO OA MAHOLIMO KE OA BONA.

Utloang tsena, lona lichaba tsohle,

le sekehe tsebe, lona baahi bohle ba lefatše,

Lona marena, le lona bafo,

morui ‘moho le mofutsana.

Na nka tšaba, matsatsing a bomalimabe,

ha ke likanetsoe ke balotsana le mahlabaphieo?

Bona ba tšepile matlotlo a bona,

ba ithorisa ka maruo a mangata a bona.

Empa ha ho le ea mong ea ka lefellang bophelo ba hae,

leha e le ho ithekela topollo ho Molimo;

Ho lefella bophelo ho feta matla a motho,

ho tla ‘ne ho mo hlole ho isa khale.

Athe motho o bona le bahlalefi ba e-shoa,

ba timela joalo ka sethoto le setlaopa,

ba siele ba bang matlotlo a bona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9,37-39)

“Ea sa le loantšeng o ea le lona.”

Ka nako eo, Joannes a re ho Jesu: Moruti, re bone e mong ea sa re lateleng a leleka bademone ka lebitso la hao, ‘me ra mo thiba. Empa Jesu a re: Le se ke la mo thibela, hobane ha ho motho ea ka etsang mohlolo ka lebitso la ka, eaba o phakisa a bua hampe ka ‘na. Hobane ea sa le loantšeng o ea le lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 21 Motšeanong 2024

Read Next

La 23 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular