Vinkmag ad

La 21 Motšeanong 2024

Beke ea 7 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Moapostola Jakobo. (4,1-10)

“Lea kopa, empa ha le fuoe letho, hobane le kopa hampe.”

Bana beso! Ana lintoa le litseko har’a lona li bakoa ke’ng? Na ha li bakoe ke litakatso tse mpe tsa lona, tse befileng lithong tsa lona? Le tsoetse seo le se nang sona pelo; ka hona lea bolaea. Le mona ka seo le sitoang ho se fumana; ka hona lea qabana, le be le loane.
Ha le na seo le se hlokang, hobane ha le kope. Lea kopa empa ha le fuoe letho, hobane le kopa hampe ka morero oa ho khotsofatsa litakatso tsa lona tse mpe. Lona ba hlokang botšepehi, na ha le tsebe hore ho ba le setsoalle le lefatše lena ke ho ba sera sa Molimo? Mang kapa mang ea ratang ho ba motsoalle oa lefatše lena o iketsa sera sa Molimo.
Ana le lekanya hore Mangolo a bolela feela, ha a re: Moea o ahileng ka ho rona o tletse maikutlo a poulelo? Empa mohau oo Molimo a re etsetsang oona o matla ho feta. Ke ka baka lena ho thoeng: Molimo o loantša ba ikhantšang, ‘me o etsetsa ba ikokobetsang mohau.
Ka baka leo, le ke le ipehe tlas’a Molimo. Le loantše diabolosi ‘me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo ‘me o tla atamela ho lona. Hlatsoang matsoho, lona baetsalibe; hloekisang lipelo, lona ba pelo-peli.
E-bang le soabo, le lle, le bokolle; litšeho tsa lona le li fetole lillo, ‘me thabo ea lona e fetohe soabo. Ikokobetseng mahlong a Morena ‘me o tla le phahamisa.

PESALEMA 54 (7-8.9-11.23. R. 23)

ROLELA MOROALO OA HAO HO MORENA, ‘ME O TLA U JARELA OONA.
Ke mang ea tla mpha mapheo a kang a leeba,
ke tle ke fofe, ke e’o fumana phomolo?
Ke ne ke tla balehela hole,
ke itulele feelleng. 

Ke ne ke tla fumana sebaka kapele, Morena,
moo nka tširelang moea le sefefo.
Setsokotsane sa liketseletso,
maleme a jalang liphapang. 

Mantsiboea, hoseng le motšeare, kea lla,
pelo ea ka ea sisa;
‘me eena o utloa mohoo oa ka.
Rolela moroalo oa hao ho Morena,
‘me o tla u jarela oona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9,29-36)

“Mor’a motho o tla neheloa matsohong a batho. Ha motho a rata ho ba oa pele, e be oa qetello ho bohle.”

Ka nako eo, Jesu a theoha thabeng a e-na le barutua ba hae, a phunyeletsa Galilea, a sa rate hore ho tsebahale. A ruta barutuoa ba hae, a re: Mor’a motho o tla neheloa matsohong a batho, hore ba ‘molaee, ‘me hoba a bolaoe o tla tsoha ka morao ho matsatsi a mararo.
Bona leha ba sa ka ba utloisisa polelo eo ba ile ba tšaba ho ‘motsa. Ba fihla Kafarnauma. Ha ba se ba kene ka tlung, a ba botsa, a re: Le ne ntse le tsekisana’ng tseleng na? Empa ba thola, hobane tseleng ba ne ba tsekile hore na e moholo har’a bona ke mang.
Hoba a lule fatše, a bitsa ba leshome le metso e ‘meli, a re ho bona: Ha motho a rata ho ba oa pele, e be oa qetello ho bohle le mohlanka oa bohle. Eaba o nka ngoana e monyenyane, o mo emisa ka hare ho bona; ‘me hoba a mo kope ka matsoho, a re ho bona: Mang le mang ea amohelang ngoana ea joaloka enoa ka baka la ka, o amohela ‘na; ‘me mang le mang ea nkamohelang, ha a amohele ‘na feela empa o amohela ea nthomileng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Motšeanong 2024

Read Next

La 22 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular