Vinkmag ad

La 20 Motšeanong 2024

Beke ea 7 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Moapostola Jakobo. (3,13-18)

“Ha likhang li le teng lipelong tsa lona, se ithoriseng.”

Bana beso! Ke mang ea bohlale ‘me ea nang le tsebo har’a lona? A ke a bontšahatse mosebetsi oa hae ka metsamao e metle, ka bohlale bo tletseng bonolo. Empa ha eba le na le poulelo e babang ha likhang li le teng lipelong tsa lona, se ithoriseng ‘me le se loantše ‘nete ka leshano. Bohlale bona ha bo theohe holimo, empa ke ba lefatše, ba nama, ba diabolosi.

Moo mona le boipatlo li leng teng, ho teng pherekano le mesebetsi eohle ea bokhopo. Athe bohlale bo tsoang holimo, taba ea pele ke hore bo hloekile; hape bo na le khotso, bo bonolo, bo kholiseha kapele, bo tletse mohau le liketso tse ntle: ha bo ahlole ka leeme, ha bo na boikaketsi. Litholoana tsa ho loka li jaloa khotsong ke ba phelang ka khotso.

PESALEMA 18 (8.9.10.11. R. 9)

LITAELO TSA MORENA LI THABISA PELO.

Molao oa Morena o phethehile, o fana ka bophelo;

Temoso ea Morena e nepahetse, e hlalefisa sethoto.

Litaelo tsa Morena li lokile, li thabisa pelo;

Taelo ea Morena e hlakile, e khantšetsa mahlo.

Ke ntho e ntle ho tšaba Morena

E ke ke ea fetoha le khale;

Likahlolo tsa morena ke tsa ‘nete,

Li lokile kaofela.

Li khahleha ho feta gauda e ngata e tšekehileng;

Li monate ho feta linotši le makhea a tsona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9,13-28)

“Kea lumela, Morena. Thusa bofokoli ba tumelo ea ka!”

Ka nako eo, Jesu a theoha thabeng a e-na le Peterosi, Jakobo le Joannes. Eitse ha ba fihla ho barutuoa ba bang, ba bona letšoele le leholo le ba teetse hare, le bangoli ba arabisana le bona. Letšoele lena kaofela, hang ha le bona Jesu, la hlolloa ‘me batho bana ba mathela ho ea mo lumelisa. A ba botsa, a re: Le ntse le arabisana ka life na?

Motho e mong har’a letšoele a bua, a re: Moruti, ke u tliselitse mora oa ke ea nang le modemone o semumu. Kamehla ha modemone o mo tšoara, o mo batanya fatše, ebe ngoana o tšoehlela makoeba, o tsikitlanya meno, oa satalla. Ke bile ka kopa barutuoa ba hao hore ba o leleke, ba mpa ba hloloa.

Jesu a araba, a re: A moloko o hlokang tumelo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla iphapanyetsa lona ho isa neng? Mo tliseng ho ‘na. Ba mo tlisa. Eare ha moea o qala o bona Jesu, oa tsukutla ngoana ka matla, ‘me a oela fatše, a meneka a ntse a tšoehlela makoeba. Jesu a botsa ntat’ae, a re: Ke nako e kae a hlaheloa ke taba ena na? Eena a re: Ho tloha boseeng ba hae; ‘me ke hangata o mo lihela mollong kapa metsing, hore o mo timetse. Empa ha eba u na le matla, e-ba mohau ho re thusa!

Jesu a araba, a re: U re, ha eba ke na le matla. Tsohle li ka etsahala ho ea lumelang. Hang ntata ngoana a hooa, a re ka meokho: Kea lumela, Morena. Thusa bofokoli ba tumelo ea ka!

Ha Jesu a bona hore batho ba khobokana a khalemela moea o litšila, a re ho oona: Moea o semumu, o tsebe-tutu, kea u laela, e-tsoa ho eena; ‘me u se hlole o kena ho eena hape. Eaba moea oa hooa, oa tsukutla ngoana ka matla, oa tsoa. Ngoana a ba joaloka setopo hoo ba bangata ba neng ba re o shoele.

Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho, a mo emisa; ‘me ngoana a ema. Ha Jesu a se a khutletse ka tlung barutuoa ba hae ba ‘motsa ka lekunutu, ba re: Rona re ne re sitoa ho o leleka ka baka la’ng na? A re ho bona: Mofuta oo o ke ke oa lelekoa ka letho, ha e se ka thapelo le ka boitimo.

Vinkmag ad

Read Previous

CBL, EU le WB boimatlafatsong

Read Next

La 21 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular