Vinkmag ad

Taba ea baitšokuli

Mokhethoa oa Hloahloeng, Katleho Mabeleng, o re o ile a bona ho hlokahala hore a bue ka taba ea baitšokuli ba tlositsoeng moo ba sebeletsang le ho senyetsoa thepa hore ho hlahlojoe katamelo ea eona kaha malapa a mangata a tlo ba bothateng ba boipheliso. Tsena li hlaheletse tulong ea paramente ea la 15 Motšeanong monongoaha.

O re ha khahlanong le hore baitšokuli ba tlosoe sebakeng seo le ntlafatso ea ‘muso empa ba ka be ba tlositsoe hanyane ka hanyane ho isoa libakeng tseo ba li khethetsoeng.

Ntho e mo qhololitseng ke hore Letona Ofising ea Tona-Kholo, Mohlomphehi Limpho Tau o ile a etsa polelo e bontšang ha tlala ea bojalikata e tjametse Basotho. O re ka lebaka leo ha bone e le nako e nepahetseng  ea hore baitšokuli ba tlosoe sebakeng hobane ke moo ba iphelisang teng.

O re seo a seng a se entse ke ho atamela paramente ka ho kenya tšisinyo hore ‘muso o itlhakise tabeng ena. A bontša ha e meng ea mekh’ukh’u e senyehileng e le e rekiloeng ke Lekhotla la Puso ea Sechaba (DC) nakong ea COVID-19 ho tsosolosa ba bang ba baitšokuli ba neng ba putlame ka nako eo, ‘moho le thepa ea boleng ba M10, 000.00.

Mabeleng o itse ho bohlokoa hore sebetse litaba ka tsela e hlokolosi ho qekisa bophelo haholo nakong ena ea tlhohalo ea mosebetsi le baits’okuli le bona ba mamele ‘muso e le hore litaba li etsoe ka nako.

Moetapele oa Kobo-Tata ea Basotho (ABC) Nkaku Kabi, o supile hore joaloka bapolotiki empa ba bue litaba tsa Basotho, hobane bohle ba hloka ntlafatso e tlo etsoa ke ‘muso. O re tsela ena ea katamelo ho baitšokuli e tlo baka litlolo tsa molao kaha batho ba hloka moo ba nkang ho beha bohobe tafoleng.

Motsamaisi oa Lipuisano Paramenteng Mohlomphehi Tlohang Sekhamane o ile a tšehetsa taba ena, ‘me a supa hore ‘muso o ke o e shebe ka matla o be o fane ka tlhakiso e potlakileng litabeng tsena.

E mong oa baitšokuli Teboho Lekhetho o supile a fumane khofu e phesetse mokh’ukh’u le thepa ea hae eohle, le hoja a ile a bolelloa hore ha tl’o ameha hobane mokh’ukh’u  oa hae o itšetlehile ka borokho bo pela selika-likoe se seholo. O hlalositse a phelisa lelapa la hae ka chelete eo a e etsang moo letsatsi le letsatsi. O itse eme le monn’a mateneng kaha a sa tsoa reka thepa ea boleng ba M15, 000.00 e senyehileng.

Ka lehlakoreng le leng, Limeta Moeti ea rekisang litholoana sebakeng se tšoanang o re  ba ile ba tsebisoa hore  ‘muso o tlo etsa ntlafatso sebakeng seo, ba fuoa nako empa ka lebaka la tlhokahalo ea lichelete le ho tsieleha hore ba il’o sebeletsa hokae, o ile a lula sebakeng seo.

O re lehoja Lekhotla la Motse-Moholo Maseru (MCC) le hlalosa le fane ka libaka, eena ha tsebe ho le joalo.

Ke hona litabeng tsena, moo MCC le bontšitseng le e-na le baitšokoli ba lipakeng tsa 6, 000 le 7, 000 ba lumeletsoeng ho sebetsa kahara teropo ea Maseru, ba fuoang lipolomiti tsa nakoana e le hore ha ho etsoa lintlafatso ho be bobebe. Har’a lintlafatso tse ka etsoang li ama baitšokuli ka ho tlosoa sebakeng.

Baitšokuli ba amehileng ke ho tloha Olympic ho ea fihla Bankeng e Kholo ea Lesotho (CBL). Leha ho le joalo lipuisano li bile teng ha lumelloa  hore baitšokuli  ba tlohe moo ka la 5 Motšeanong monongoaha.

Ho fihlela ha joale MCC e fumane baitšokuli ba 180 sebakeng seo, ‘me ba 122 ba ngolisitse ka molao, ka hona bohle ba lebeletsoe ho etsa likopo  ho fihlela ka la 15 Phupjane monongoaha.  Libaka tse teng ke  tsa Local Government  Market Centre (Sakeng), Thibella le  Lepoqong.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Motšeanong 2024

Read Next

La 18 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular