Vinkmag ad

La 17 Motšeanong 2024

Beke ea 7 ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (25,13-21)

“Jesu ea shoeleng, eo Paulosi a tiisang hore oa phela.”

Matsatsing ao, Morena Agrippa le Berenice ba theohela Kaisaria ho tla lumelisa Festuse. Eitse hoba ba hlole matsatsi a mangatanyana teng, Festuse a phetela morena tsa Paulosi, a re:

Monna e mong o teng oa motšoaruoa ea siiloeng ke Felix. Ha ke ile Jerusalema baprista ba baholo le baholo ba Bajodi ba tla ho mo qosa ‘me ba nkopa hore ke mo ahlole. Ka ba arabela ka hore: Ha se mokhoa oa Ba-Roma hore ba ahlole motho pele moqosuoa a kopanngoa le ba mo qosang, ‘me a fuoa sebaka sa ho ikarabella melatong eo a qosoang ka eona.

Joale ha ba se ba tlile ho ‘na koano, ha kea ka ka ba liehisa; empa ka letsatsi le hlahlamang ka lula khotla, ‘me ka laela hore ho tlisoe monna eo. Eitse ha baqosi ba hae ba ema ha ba ka ba mo qosa ka litaba tseo ke neng ke belaela hore o na le molato ho tsona, ba mpa ba mo tsekisa feela litaba tse ling tse bapileng le thuto ea bona, le tsa Jesu e mong ea shoeleng, eo Paulosi a tiisang hore oa phela.

Ha ke ntse ke tsielehile tabeng ea mofuta ona, ka ‘motsa hore na a ka rata ho ea Jerusalema le ho ahloloa teng ka tsena. Empa ere ka ha Paulosi a ile a ipiletsa ho Motlotlehi, hore taba ea hae e bolokeloe ho ahloloa ke eena, ka laela hore a bolokoe koano ho fihlela ke mo romela ho Cesare.

PESALEMA 102 (1-2.11-12.19-20. R. 19)

MORENA O BEHILE TERONE EA HAE MAHOLIMONG.

Boka Morena, moea oa ka, ka matla ‘ohle a hao,

u boke lebitso le halalelang la hae.

Boka Morena, moea oa ka,

u se ke ua lebala melemo eohle ea hae.

Joalokaha maholimo a phahametse lefatše,

ka mokhoa o tšoanang

mohau oa hae o moholo ho ba mo tšabang.

Joalokaha Bochabela bo arohane le Bophirima,

ka mokhoa o tšoanang

o qhelela liphoso tsa rona thoko le rona.

Morena o behile terone ea hae maholimong,

puso ea hae e holim’a tsohle.

Bokang Morena, lona manyeloi ‘ohle a hae,

lona bahale ba matla ba phethang litaelo tsa hae.

Ho baloa Evangeling e hnlalelang e ngotsoeng ke Joanes. (21,15-19)

“Alosa likonyana tsa ka, alosa linku tsa ka.”

Ka nako eo, Jesu a iponahatsa ho barutuoa ba hae, ‘me hoba a je le bona, a re ho Simone Peterosi: Simone, mor’a Joannes, na u nthata ho feta baa? A mo araba, a re: E, Morena, ua tseba, kea u rata, Jesu a re ho eena: alosa likonyana tsa ka.

A boela a re ho eena: Simone, mor’a Joannes, na oa nthata na? A mo araba, a re: E, Morena, oa tseba kea u rata. Jesu a re ho eena: Alosa likonyana tsa ka.

A re ho eena la boraro: Simone, Mor’a Joannes, na oa nthata? Peterosi a soaba, hobane o ‘motsitse la boraro: na oa nthata na? ‘Me a re ho eena: Morena, u tseba tsohle, u tseba hore kea u rata. Jesu a re ho eena: alosa linku tsa ka. Kannete-‘nete, ke re ho oena: ha u ne u sa le mocha, u n’u itlama ka bo-uena, u ea moo u ratang teng; empa ha u se u tsofetse u tla otlolla matsoho a hao ‘me e mong o tla u tlama a u ise moo u sa rateng teng. O n’a rialo a supa lefu leo Peterosi a tla tlotlisa Molimo ka lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Motšeanong 2024

Read Next

La 18 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular