Vinkmag ad

La 16 Motšeanong 2024

Beke ea 7 ea Paseka

Labone

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (22,30-23,6-11)

“E ka khona u tle u mpake le Roma.”

Matsatsing ao, molaoli oa sekete a rata ho tseba hantle seo Bajodi ba qosang Paulosi ka sona, a mo tlamolla, a laela baprista ba baholo le lekhotla kaofela ho phutheha, ‘me a tlisa Paulosi a mo emisa har’a bona. Paulosi, ka ho tseba hore sekoto se seng sa bona ke sa Basadduke, le se seng ke sa Bafarisi, a hooa har’a lekhotla, a re: Banna ba heso, ‘na ke Mofarisi, ngoan’a Bafarisi, ‘me ke ahloloa ka baka la ho tšepa tsoho ea bafu.

Eitse ha a rialo, Bafarisi le Basadduke ba qala ho pheisana khang, ‘me seboka sa arohana. Efela Basadduke ba re ha ho tsoho ea bafu, leha e le lenyeloi kapa moea; athe Bafarisi ba lumela tseo tsohle.

Joale lerata la e-ba leholo. Bangoli ba bang bao e neng e le ba lefapha la Bafarisi ba ema, ba hanyetsa ka matla ba re: Ha re fumane bobe le letho mothong enoa. Na ekaba moea kapa lenyeloi ha lea bua le eena na?

Ka ha moferefere o n’o nts’o e-ea o eketseha, molaoli oa sekete a tšaba hore Paulosi a ka tsekolloa ke bona. Joale a laela masole ho theoha hore ba mo phamole har’a bona ‘me ba mo khutlisetse qhobosheaneng.

Bosiung bo hlahlamang, Morena a iponahatsa ho Paulosi ‘me a re ho eena: Khothahala, hobane joaloka ha u mpakile Jerusalema, e ka khona u tle u mpake le Roma.

PESALEMA 15 (1-2.5.7-11. F. 1)

AK’U MPABALLE, MORENA, HOBANE KE TšABELA HO UENA.

Ak’u mpaballe, oho Molimo,

hobane ke tšabela ho uena.

Ke itse ho Morena: Ke uena Moren’a ka.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena kamehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

Ka hona pelo ea ka e tletse thabo,

moea oa ka o nyakaletse,

le oona ‘mele oa ka o tla lula o photholohile.

Hobane u ke ke ua ntlohella Qalong-ea-bafu.

u ke ke ua lumella hore motsoalle oa hao a latsoe ho bola.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho uena,

le nyakallo e sa feleng,

e fuoang ba lulang pel’a hao.

Ho baloa Evangelinge halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (17,20-26)

“Bohle e ke e be ntho e le ‘ngoe ka mokhoa o phethehileng.”

Ke nako eo, Jesu a lelaletsa mahlo leholimong a rapela, a re; Ntate ea halalelang, ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le bona ba tlang ho lumela ho ‘na ka lentsoe la bona.

Bohle e ke e be ntho e le ‘ngoe, joalokaha Uena Ntate u le ka ho ‘na, le ‘na ke le ka ho uena, ‘me le bona e be ntho e le ‘ngoe ka ho rona, e le hore lefatše le tle le lumele hore u nthomile.

Letlotlo leo u ‘nehileng lona, le ‘na ke ba nehile lona, hore bona e be ntho e le ‘ngoe, joalokaha le rona re le ntho e le ‘ngoe : ‘Na ho bona le uena ho ‘na, e le hore bona e be ntho e le ‘ngoe, ka mokhoa o phethehileng, ‘me lefatše le tsebe hore u nthomile, le hore u ba ratile joalokaha u nthatile.

Ntate, bao u ‘nehileng bona ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be teng le ‘na hona teng, ba tle ba bohe letlotlo leo u ‘nehileng lona; hobane u nthatile lefatše le e-s’o boptjoe. Ntate ea lokileng, lefatše ha lea ka la u tseba, empa ‘na ke u tsebile le bona ba tsebile hore u nthomile. Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ebile ke tla ‘ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ka ho bona, le ‘na ke be ka ho bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Motšeanong 2024

Read Next

La 17 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular