Vinkmag ad

La 11 Motšeanong 2024

Beke ea 6 ea Paseka

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (18,23-28)

“Apollo o n’a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kriste.”

Hoba Paulosi a lule nakonyana Antiokia, a tsamaea, a chakela linaha tsa Galatia le Frigia ka ho latelana, a nts’a khothatsa barutuoa bohle.

Mojodi e mong ea bitsoang Apollo, eo e neng e le letsoalloa la Alexandria, a fihla Efese. E ne e le monna ea kheleke, ea hlalefileng Mangolong. O n’a ithutile tsela ea Morena, ‘me kaha a n’a e-na le moea o chesehang, o na bua ‘me a ruta litaba tsa Jesu ka makhethe; empa o na tseba hlatsuo ea Joannes feela.

A qala ho bua ka matla ka tlung ea thapelo. Eare ha Priscilla le Aquila ba mo utloa, ba mo nkela ha bona ‘me ba mo hlalosetsa tsela ea Morena ka mokhoa o tletseng ho feta.

E re ka ha Apollo a n’a rata ho ea Akaia, baena ba mo khothaletsa ho ea teng ‘me ba ngolla barutuoa ho mo amohela. Hoba a fihle teng, a ikitlaeletsa ho thusa ba neng ba fetohile balumeli ka mohau oa Molimo. A pheisana khang le Bajodi pontšeng ea sechaba ‘me a ba hlola hampe, a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kriste.  

PESALEMA 46 (2-3.8-10. F. 8)

MOLIMO KE KHOSI EA LEFATšE LOHLE.

Opang liatla, lona lichaba tsohle,

etsetsang Molimno litlatse le mehoo ea thabo.

Hobane Morena ea holimo-limo oa tšabeha:

ke eena khosi e kholo ea lefatše lohle.

Hobane Molimo ke khosi ea lefatše lohle;

‘mineleng ka bokheleke bohle.

Morena o rena holim’a lichaba,

Molimo o lutse teroneng e halalelang ea hae.

Mahosana a lichaba a kopane ‘moho,

a etsa sechaba sa Molimo oa Abrahama;

Babusi ba lefatše ke ba Molimo,

‘me ke eena ea ba phahametseng kaofela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (16,23-28)

“Ntate oa le rata, kahobane le nthatile.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ka ‘nete-nete ke re ho lona: seo le se kopang ho Ntate ka lebitso la ka o tla le fa sona. Ho fihlela joale ha le e-s’o kope letho ka lebitso la ka. Kopang le tla fuoa e le hore thabo ea lona e be e phethehileng. Ke le boleletse tsena ka lipapiso. Nako ea tla eo ke sa tl’o hlola ke bua le lona ka lipapiso, empa ke tla le bolella tsa Ntate phatlalatsa. Tsatsing leo le tla kopa ka lebitso la ka; ‘me ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate, efela Ntate oa le rata, kahobane le nthatile ‘me le lumetse hore ke tsoile ho Molimo. Ke tsoile ho Ntate, ka tla lefatšeng: ke boetse ke siea lefatše, ke khutlela ho Ntate.

Vinkmag ad

Read Previous

La  10 Motšeanong 2024

Read Next

La 13 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular