Vinkmag ad

La 8 Motšeanong 2024

Beke ea 6 a Paseka

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola.(17,15.22-18,1)

“Seo le se hlonephang le sa se tsebe, ke seo ‘na ke le rutang sona.”

Matsatsing ao, ba felehetsang Paulosi ba mo fihlisa Athene. Eaba b’a khutla ba nkile taelo e eang ho Silas le ho Timothi e reng ba tle ho eena kapele-pele. Joale Paulosi a ema har’a lekhotla la Areopage, a re: Banna ba Athene, ke bona eka le batho ba fetang ba bang ka ho hlonepha melimo. Hobane, ha ke feta har’a motse ‘me ke sheba lifika tsa melimo ea lona, ke fumane aletare e ‘ngoe eo ho ngotsoeng ho eona: Ho Molimo ea sa tsejoeng. Joale seo le se hlonephang le sa se tsebe, ke seo ‘na ke le rutang sona.

Molimo ea entseng lefatše le tsohle tse ho lona, eena eo e leng Morena oa leholimo le oa lefatše, h’a ahe litempeleng tse ahiloeng ka matsoho, ‘me ha a sebeletsoe ka matsoho a batho, joaloka hoja a hloka letho, hobane ke eena ea fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.

Ke eena ea entseng batho bohle ka motho a le mong, ba tle ba ahe ka bophara ba lefatše; ‘me ke eena ea behileng linako le meeli ea ho aha hoa batho, e le hore ba batle Molimo, mohlomong ba mo phopholetse ‘me ba mo fumane, leha a se hole le e mong le e mong oa rona. Efela ke ka ho eena re phelang, re tsamaeang ‘me re leng teng; ‘me joaloka ha liroki tse ling tsa lona li boletse: Re bile re ba lesika la hae. Ekare ha re le ba lesika la Molimo, ha rea tšoanela ho hloma eka Bomolimo bo ka tšoantšoa ka gauda, ka silvera kapa ka lejoe, ka tse betliloeng ka bohlale le ka tsebo ea motho.

Ke ‘nete hore Molimo o ile a re leballa linako tsa ho se tsebe, empa joale o tsebisa batho hore bohle ba tšoanetse ho baka kahohle; etsoe o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatše ka toka, ka monna eo a mo khethileng. Hona Molimo o ho paketse batho bohle ka ho tsosa monna eo bafung.

Eitse ha ba utloa ho boleloa tsoho ea bafu, ba bang ba mo tšeha, athe ba bang ba re: Re tla boela re u mamela ka letsatsi le leng ka taba ena. ‘Me Paulosi a tloha joalo har’a bona. Leha ho le joalo, banna ba bang ba ikopanya le eena ba Iumela. Har’a bona ho bile Dionisiuse, setho sa Areopage le mosali e mong ea bitsoang Damarise, le ba bang hape. Kamor’a tseo Paulosi a tloha Athene, a ea Korinthe.

PESALEMA 148 (1-2.11-14)

MAHOLIMO LE LEFATšE LI TLETSE LETLOTLO LA HAO.

Rorisang Morena, lona tsohle tse maholimong.

mo roriseng liphahameng.

Mo roriseng, lona manyeloi ‘ohle a hae,

mo roriseng, lona makhotla ‘ohle a hae.

Lona marena a lefatše, le lona lichaba tsohle.

lona mahosana le baahloli bohle ba lefatše.

Lona bahlankana le lona baroetsana,

lona maqheku le lona ba bacha.

Ba ke ba rorise lebitso la Morena,

hobane lebitso la hae le inotši

ke lona le phahameng;

Ke boithoriso ho bohle ba mo ratang,

ho bana ba Israele,

sechaba se ka atamelang ho eena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (16,12-15)

“Moea oa ‘nete o tla le tataisetsa ‘neteng eohle.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ke sa na le litaba tse ngata, tseo nka le bolellang, empa li sa ntsane li le sita. Athe ha ho e-tla oona Moea oa ‘nete, o tla le tataisetsa ‘neteng eohle. Efela o ke ke oa bua tsa oona, empa o tla bolela tsohle tseo o li utloileng o be o le tsebise tse tlang ho etsahala. O tla ntlotlisa, hobane o tla nka tseo e leng tsa ka o le bolelle tsona.

Tsohle tseo Ntate a nang le tsona, ke tsa ka. Ke ka baka leo ke itseng: O tla nka ho ‘na, o tle o le bolelle.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Motšeanong 2024

Read Next

La 9 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular